Yaba Esau o re ho Jakobo: “Ako mphe ntho e kgubedu eno, ntho e kgubedu eno hle, ke je, hobane ke lapile haholo!” Ke ka baka leo a reilweng lebitso la Edomo.
Bana ke bara ba Oholebama, mosadi wa Esau: Bo-kgosana Jeushe, le Jalame, le Kora. Anna ke mahosana a tswetsweng ke Oholebama, moradi wa Ana, mosadi wa Esau.
Ka mokgwa ona Saule a nka puso ya Iseraele. A lwantsha dira tsa hae kahohle: A lwantsha Bamoabe, a lwantsha le Baamone, a lwantsha le Edomo, a lwantsha dikgosi tsa Soba, a lwantsha le Bafilesita. Hohle moo a futuhelang teng o ne a hlola.