Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 35:7 - BIBELE

7 A haha aletare hona teng, mme sebaka seo a se rea lebitso la Modimo wa Bethele, hobane ke moo Modimo a ileng a iponahatsa ho yena teng, ha a ne a baleha ngwanabo Esau.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 a haha aletare teng; mme motse oo a o rea Ele-Bethele, (Modimo wa Bethele), kahobane ke moo Modimo o nong o iponahatse ho yena, mohla a balehelang moholwane wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 35:7
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.


Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.


A bona Morena a eme kahodimo ho yona, a ntse a re: “Ke nna Morena, Modimo wa ntatao Aborahama, le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao.


A tshaba, mme a re: “Sebaka see se tshabeha hakaakang! Sebaka sena ke sona ntlo ya Modimo, ebile ke kgoro ya lehodimo.”


Sebaka seo a se rea lebitso la Bethele; athe pele motse oo o ne o bitswa Lose.


Le lejwe leo ke le hlommeng hore e be mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo. Ke tla mo nea karolo e le nngwe leshomeng ka leng la tsohle tseo a mphang tsona.”


Jakobo a tswela pele leetong la hae, a ya fihla naheng ya baahi ba ka botjhabela.


Ke nna Modimo wa Bethele, mane moo o neng o tshele mokolokotwane ka ole, mme wa nketsetsa kano teng. Jwale tsamaya, o tlohe naheng ena, mme o kgutlele naheng eo o tswaletsweng ho yona.’ ”


Modimo a re ho Jakobo: “Tsamaya, o nyolohele Bethele, o yo aha teng; teng o hahele Modimo aletare, Modimo ya iponahaditseng ho wena, ha o ne o baleha moholwane wa hao Esau.”


Sebaka sena seo Modimo a neng a bua le yena a le ho sona, Jakobo a se rea lebitso la Bethele.


Jwale re yeng, re nyoloheleng Bethele, mme teng ke tla hahela Modimo aletare, yena ya ileng a nkarabela matsatsing a mahlomola a ka, ya bileng le nna maetong wohle a ka.”


Moshe a haha aletare, a e rea lebitso la “Morena ke mokgele wa ka”;


“Bolelele ba lerako leo, ho potoloha motse, e tla ba dimethara tse dikete tse robong. “Ho tloha mohlang oo, lebitso la motse e tla ba: MORENA O TENG MONA.”


Gideone a hahela Morena aletare moo, mme a e rea lebitso la “Morena ke kgotso”. Le kajeno-ya-bokajeno e ntse e le teng sebakeng se bitswang Ofera, seo e leng sa Baabiesere.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ