Genese 35:2 - BIBELE2 Jakobo a re ho ba lelapa la hae le ho bohle ba neng ba ena le yena: “Tlosang medimo esele e teng hara lona, le itlhwekise, le apare diaparo disele, tse hlwekileng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)2 Yaba Jakobo o re ho ba ntlo ya hae, le ho bohle ba neng ba na le yena: Lahlang medimo esele e hara lona; le itlhatswe, le apare diaparo disele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ke setjhaba sefe se kang setjhaba sa hao sa Baiseraele, e leng sona feela moo lefatsheng, seo Modimo a kileng a ya se lopolla hore e be setjhaba sa hae, mme se tumise lebitso la hae? Ke sefe setjhaba seo wena o kileng wa se etsetsa tse kgolo, tse tshabehang naheng ya hao, ka ho hleka matjhaba le medimo ya wona tseleng ya setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng Egepeta?
Ha mokete o mong le o mong o ne o fedile, Jobo o ne a ye a ba bitse, a ba hlwekise, a tsohe ka madungwadungwana, a etsetse e mong le e mong wa bona nyehelo ya setjheso, hobane ka pelong ya hae o ne a ye a re: “Mohlomong bara ba ka ba ile ba sitelwa Modimo, ba mo nyefola ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a ye a etse hona kamehla.
Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”