Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 35:11 - BIBELE

11 Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Modimo wa re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Ata, o ngatafale; setjhaba le letshwele la ditjhaba di tla tswa ho wena, mme marena a tla tswa lethekeng la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 35:11
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme haeba ho na le motho ya ka balang lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a ka di bala.


A mo nkela kantle mme a re ho yena: “Tadima lehodimong, mme o bale dinaledi, haeba o ka tseba ho di bala;” mme a re: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”


Ha Aborame a ena le dilemo tse mashome a robong a metso e robong, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo ya matla wohle; nkgahlise ka metsamao ya hao, mme o hloke kodi.


Ke tla mo hlohonolofatsa, ke be ke o fe mora ka yena. Ke tla mo hlohonolofatsa; e tla ba mma ditjhaba, mme dikgosi tsa ditjhaba di tla tswa ho yena.”


“Selekane sa rona le wena ke sena: o tla ba ntata letshwele la ditjhaba.


Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”


ha e le moo Aborahama e tla ba setjhaba se seholo, se matla, mme le ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa ka yena?


ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.


Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme o tla namela bophirimela, le botjhabela, le leboya, le borwa. Merabe yohle ya lefatshe e tla hlohonolofatswa ka wena le ka ditloholo tsa hao.


Hape wa na wa re: ‘Ke tla o tswela molemo, ke atise ditloholo tsa hao, di be kaalo ka lehlabathe la lewatle, le ke keng la balwa ka baka la bongata.’ ”


Tsena ke dikgosi tse busitseng naheng ya Edomo, ho eso be le kgosi e busang Baiseraele.


Modimo ya matla wohle a ke a le fumantshe mohau ho monna eo, e le hore a tle a kgutlise ngwanabo lona e mong, esita le yena Benjamine, empa haeba nna ke amohuwa bana, ke hle ke ba amohuwe.”


Modimo a re: “Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao. O se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke moo ke tla o etsa setjhaba se seholo.


Yaba Baiseraele ba aha naheng ya Egepeta, seterekeng sa Goshene; ba e rua, ba ata, ba ngatafala haholo.


Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe.


“Jwale lona atang, le ngatafale; anafalang le tlale lefatshe.”


selekane seo a se entseng, a se etsa le Aborahama, kano eo a e etseditseng Isaka,


a ba a tiisetsa Jakobo hore ke molao, ke selekane sa hae le Iseraele sa mehla yohle.


A re: “Ke tla o nea naha ya Kanana, e be lefa leo o le abetsweng.”


Bana ba Iseraele ba beleha haholo, ba ata, ba ngatafala, ba eba matla haholo, hoo ba ileng ba tlala naha yohle ya Egepeta.


Yaba Modimo o utlwa sello sa bona, mme Modimo a hopola selekane seo a neng a se etse le Aborahama, le Isaka, le Jakobo.


Ke ile ka iponahatsa ho Aborahama, le ho Isaka, le ho Jakobo, ke le Modimo ya matla wohle, empa ha ke a ka ka itsebisa bona ka lebitso la ka, ke le Morena.


le nna he, ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo, le selekane sa ka le Isaka; le selekane sa ka le Aborahama ke tla se hopola, mme le naha ke tla e hopola.


Ke tla ba ntata lona, mme le tla ba bara le baradi ba ka,” ho rialo Morena ya matla wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ