Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 34:20 - BIBELE

20 Yaba Hamore le mora wa hae Shekeme ba fihla kgorong ya motse wa habo bona, ba bua le batho ba motse oo, ba re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba Hamore le Sikeme, mora hae, ba ya kgorong ya motse wa bona, ba bua le batho ba motse wa bona, ba re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 34:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.


Eferone o ne a dutse hara Bahete, mme Eferone wa Mohete a araba Aborahama moo Bahete bohle ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse, ba ntseng ba utlwa, a re:


Mohlankana a se ke a ba a dieha ho phetha taba eo, hobane o ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo. Shekeme o ne a hlomphuwa ho feta bohle lapeng labo.


“Batho bana ke batho ba kgotso; a re ba dumelleng ho aha le ho hweba naheng ena. Naha ena e kgolo, e ka ba lekana; a re nyallaneng le bona.


Abosalome o ne a ye a tsohe e sa le hoseng, a yo ema tseleng e yang kgorong ya motse. E ne e ye ere ha motho ya nang le nyewe a eya ho kgosi hore a yo ahlolelwa, ebe Abosalome o a mmitsa, o re ho yena: “O tswa motseng ofe?” Eo a re: “Mohlanka wa hao o tswa ho o mong wa merabe ya Iseraele.”


“Ha ke ne ke eya kgorong ya motse, ke bea tulo sa ka lebaleng la motse,


Ho lehlohonolo monna ya tlatsitseng kgohlopo ya hae, a e tlatsa ka yona. A ke ke a hlajwa ke dihlong, ha a ngangisana le dira tsa hae, a ngangisana le tsona kgorong ya motse.


Monna hae o hlompheha le kgorong tsa motse, ha a dutse teng le baholo ba naha.


Le hloile ya lwanelang toka, a e lwanela ka makgotleng, le bile le nyedisa ya buang nnete.


Ke tseba palo ya ditlolo tsa lona, le boholo ba dibe tsa lona ke a bo tseba: Le tuba ya lokileng, le tjotjo le e amohele, ha le ahlolele mofutsana ka toka makgotleng.


Hloyang bokgopo, le rate tse molemo, ka makgotleng le ahlole ka toka, mohlomong Morena, Morena Modimo wa mabotho, a ka hauhela masalla a Josefa.


Tsena ke tseo le tshwanelang ho di etsa: Le bolellane nnete, le ahlolelane ka ho loka le ka nnete makgotleng a lona, hore kgotso e tle e be teng.


monna eo, kapa mosadi eo ya entseng ntho eo e manyala, a ntshetswe kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe, a be a shwe.


Boase a ya kgorong ya motse, a dula teng. Mong ka yena, eo Boase a ileng a bua ka yena, a fihla. Boase a re ho yena: “He monna, ako fapohele le kwano, o dule mona pela ka.” Eo a tla, a dula fatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ