Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 34:14 - BIBELE

14 Ba re ho yena: “Re ke ke ra etsa ntho e kang ena, ra nea kgaitsedi ya rona leqai, hobane hoo ho ka re tlontlolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ba re ho bona: Re ka sitwa ho etsa taba ena, ra nea motho ya sa bollang kgaitsedi ya rona; e ka ba sekgobo ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 34:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le tla bolotswa ka ho poma leeko, mme hona e tla ba letshwao la selekane se pakeng tsa rona le wena.


Motho wa leqai, ya sa bolotswang ka ho pongwa leeko, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane o sentse selekane sa ka.”


Bara ba Jakobo ba arabela Shekeme le ntatae Hamore ka mano, hobane o ne a ile a silafatsa kgaitsedi ya bona, Dina.


Re ka dumela feela haeba le dumela ho ba jwaloka rona: e mong le e mong wa lona e motona a bolotswe.


“Le se ke le e bolela Gate, le se e phatlalatse terateng tsa Ashekelone, esere baradi ba Bafilesita ba nyakalla, baradi ba maqai ba didietsa.


Qetellong ya dilemo tse nne, Abosalome a re ho kgosi: “Ke o kopa hore nke ke ye Heborone, ke yo phetha kano, eo ke ileng ka e etsetsa Morena.


Mangolong ao o ne a ngotse, a itse: “Phatlalatsang tsatsi la ho itima dijo, mme hara setjhaba sohle Nabote a bewe setulong se ka sehloohong.


Hoba Ba Bohlale ba kgutle, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa torong, la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o hlole teng ho fihlela ke o bolella, hobane Heroda o makgatheng a ho batla ngwana hore a mmolaye.”


a nto ba romela Betlelehema, a re: “Eyang, le batlisise tsa ngwana ka hloko; ere ha le se le mo fumane, le ntsebise, le nna ke tle ke yo mo kgumamela.”


Hamorao a amohela letshwao la lebollo ho paka ho loka ha hae, hoo a ho fihletseng ka tumelo a eso bolle. Kahoo ya eba ntata bohle ba dumelang leha ba sa bolla, hore ba tle ba ballwe ho loka.


Batswadi ba hae ba re ho yena: “Na ha ho na morwetsana hara barwetsana ba bang ka wena, kapa hara setjhaba sohle sa heso, hoo o ka ratang ho nyala mosadi hara Bafilesita baa ba maqai?” Samosone a re ho ntatae: “Nqelle yena, hobane ke mo rata haholo.”


Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”


Davida a bua ho banna ba neng ba eme pela hae, a re: “Monna ya ka bolayang Mofilesita eo, mme a tlosa sekgobo hara Baiseraele, o tla putswa kang? Mofilesita eo wa leqai yena ke mang, a ka tlakang mabotho a Modimo ya phelang?”


Mohlanka wa hao o se a ile a bolaya tau le bere. Mofilesita enwa wa leqai o tla shwa jwaloka e nngwe ya tsona, hobane o tlakile mabotho a Modimo ya phelang.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ