Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 33:14 - BIBELE

14 Ke kopa hore morena ka a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla tsamaya butle, ke iketlile, ho latela mokgwa oo dikgomo tseo ke di qhobang di tsamayang ka wona, le ho latela mokgwa oo bana ba tsamayang ka wona, ho fihlela ke fihla Seire, ho morena wa ka.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Morenaka a ke a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla qhobaqhoba butlenyane ka ho lekanya maoto a dintho tse pela ka, le maoto a bana, ke be ke finyelle Seire ho morenaka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 33:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo.


A laela maqosa ao, a re: “Le tle le bue tjena ho morena ka, Esau: ‘Mohlanka wa hao, Jakobo, o bua tjena: Ke ne ke jakile ha Labane, ka dula teng ho fihlela jwale.


Jakobo a re ho yena: “Morena ka o a tseba hore bana ba a fokola, ke na le mehlape ya dikgomo le ya dinku e nyantshang, mme ha di ka potlakiswa letsatsi le le leng feela, mehlape yohle e tla shwa.


“Ha bana ba Iseraele ba ne ba etswa Egepeta, o ne o ba laele hore ba se ke ba futuhela Baamone, le Bamoabe, le ditjhaba tse tswang thabeng ya Seire, mme ba fela ba ba kwekwetla, ba se ke ba ba timetsa.


O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle.


Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha ba Moabe le ba Seire ba itse: ‘Bonang, ba ntlo ya Juda ba tshwana le ditjhaba tse ding tsohle,’


A ba ruta lentswe ka ditshwantsho tse ngata tse kang sena, ho ya kamoo ba neng ba ka utlwisisa kateng.


Rona ba matla tumelong, re tshwanetse ho jarela ba fokolang mefokolo ya bona e seng ho ikgahlisa.


Ke le fepile ka lebese e seng ka dijo tse thata, hobane di ne di ka le sita. Esita le jwale di ntse di ka le sita,


“Jwale ra thinya, ra nka leeto le lebang lehwatateng, ra ya ka tsela ya Lewatle la Lehlaka, jwalokaha Morena a ne a buile ho nna. Ra qeta matsatsi a mangata re ntse re potoloha thaba ya Seire.


“Morena, ha o futuha o etswa Seire, o haola, o etswa naheng ya Edomo, lefatshe la na la thothomela, mahodimo a thwathwaretsaka, e, maru a nesa ya ditlwebelele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ