Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 33:13 - BIBELE

13 Jakobo a re ho yena: “Morena ka o a tseba hore bana ba a fokola, ke na le mehlape ya dikgomo le ya dinku e nyantshang, mme ha di ka potlakiswa letsatsi le le leng feela, mehlape yohle e tla shwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jakobo a re ho yena: Morenaka, o a tseba hobane bana ba sa ntse ba fokola, mme ke na le dinku le dikgomo tse anyesang; ekare ha di ka potlakiswa ka letsatsi le le leng, mohlape kaofela o ka shwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 33:13
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Esau a re: “A re tsamayeng, mme ke tla le etella pele.”


Ke kopa hore morena ka a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla tsamaya butle, ke iketlile, ho latela mokgwa oo dikgomo tseo ke di qhobang di tsamayang ka wona, le ho latela mokgwa oo bana ba tsamayang ka wona, ho fihlela ke fihla Seire, ho morena wa ka.”


Davida a re: “Solomone, mora wa ka, o sa le monyenyane, o a tetema, mme Tempele e lokelang ho hahelwa Morena e tshwanela ho ba ntle haholo, e tume, e tlotlwe ke dinaha tsohle. Ha ho le jwalo, ke tla qalella ho etsa ditokiso tsa hore e tle e hahwe.” Kahoo, yare Davida a eso ka a eshwa, a etsa ditokiso tse kgolo.


a mo tlohedisa nku tsa ditswetse, a mo disisa leloko la Jakobo, tjhaba sa hae, Iseraele eo e leng lefa la hae.


Ya lokileng o baballa phoofolo ya hae, mohau wa ya kgopo o kwetlile sehloho.


O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle.


Banna ba etsa jwalo; ba tshwara dikgomo tse pedi tsa ditswetse, ba di pana koloing, mme manamane a tsona ba a kwalla ka sakeng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ