Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 32:32 - BIBELE

32 Ka baka lena, le kajenoya-bokajeno Baiseraele ha ba je mosifa wa noka, o lenonyeletsong la noka, kaha Jakobo a ne a nonyetswe mosifeng oo wa noka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ka baka lena, bana ba Iseraele ha ba je potongwane e motsong wa noka, hobane o ne a ame motso wa noka ya Jakobo potongwaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 32:32
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna eo ha a bona hore a ke ke a hlola Jakobo, a mo nonyetsa nokeng, mme ka hona noka ya Jakobo ya nonyetseha ha ba ntse ba kolokotjhana.


Letsatsi la mo tjhabela ha a feta Peniele, a ntse a hlotsa, ka baka la noka ya hae.


Jakobo a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona Esau a etla a ena le banna ba makgolo a mane. Yaba o arola bana: Ba Lea, le ba Ragele, le ba makgabunyane a mabedi.


Jeroboame a haheletsa motse wa Shekeme, o naheng e maralla ya Efraime, mme a aha teng. A tloha moo, a ya haheletsa motse wa Penuele.


Yaba o nyolohela Penuele, mme le ho ba Penuele a bua jwalokaha a ile a bua ho ba Sukote. Banna ba Penuele le bona ba mo araba jwalokaha banna ba Sukote ba ile ba mo araba.


Ka baka leo, naheng ya Ashedode baprista ba Dagone, kapa mang le mang ya kenang ka tempeleng ya Dagone, ha ba hate hodima kosene e fatshe ya monyako wa tempele ya Dagone, ho fihlela le kajeno-yabokajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ