Hagare a re lebitso la Morena ya neng a bua le yena ke “Modimo ya Bonang”, hobane o ne a re: “Na ke nnete ke hlile ke bone Modimo, mme ke ntse ke phela kamora pono eo ya ka?”
Yare ha mafube a hlaha, mangeloi a pheella Lota, a re: “Tsoha, o nke mosadi wa hao, le baradi ba hao ba babedi, ba leng teng mona, o balehe; esere wa timela ha motse ona o otlwa.”
Yaba ba nka pohwana eo ba e neilweng, ba a e tshela, ba bitsa Baale ho tloha hoseng, ho fihlela hara mpa ya motsheare, ba ntse ba re: “Oho, Baale, ako re arabe!” Empa ha se ke ha eba le lentswe, kapa motho ya arabelang. Ba tlolaka pela aletare eo ba neng ba e hahile.
Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”
Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.
Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.
empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna.
le re: ‘Bonang, Morena Modimo wa rona, o re senoletse tlotla ya hae, le boholo ba hae; le lentswe la hae re le utlwile le etswa kahara mollo. Kajeno lena re bone hore Modimo o hle a bue le motho, ebe motho eo o ntse a phela.
Yaba o nyolohela Penuele, mme le ho ba Penuele a bua jwalokaha a ile a bua ho ba Sukote. Banna ba Penuele le bona ba mo araba jwalokaha banna ba Sukote ba ile ba mo araba.