Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 32:28 - BIBELE

28 Yaba monna eo o re: “Ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele, hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 32:28
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo a boela a re ho Aborahama: “Mosadi wa hao Sarai, o se hlole o mmitsa Sarai; lebitso la hae e tla ba Sara.


Ha o sa tla hlola o bitswa Aborame; lebitso la hao e tla ba Aborahama, hobane ke tla o etsa ntata ditjhaba tse ngata.


Jakobo a re: “Nthekisetse ditokelo tsa boholo ba hao pele.”


Empa Modimo a fihla ho Labane wa Moarame ka toro, bosiu, a re ho yena: “Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.”


Yaba Jakobo o sala a inotshi mme a kolokotjhana le monna e mong ho fihlela mafube a hlaha.


Eo a re ho Jakobo: “Lebitso la hao a mang?” Yena a re: “Ke Jakobo.”


A haha aletare teng, a e bitsa Modimo, Modimo wa Iseraele.


Empa Esau a matha ho mo kgahlanyetsa, a mo kopa molaleng, a mo aka, mme ba lla.


A re ho yena: “Lebitso la hao o Jakobo; feela ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele,” mme a mo rea lebitso la Iseraele.


Morena a roma moporofeta Nathane, hore a yo mo reela ngwana eo lebitso la Jedideya.


Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ho lekanya palo ya merabe ya bana ba Jakobo, eo lentswe la Morena le neng le fihle ho yena, la re: “Lebitso la hao e tla ba Iseraele.”


Le kajeno-ya-bokajeno ba sa ntse ba phela ho ya ka meetlo eo ya bona ya pele. Ha ba hlomphe Morena, mme ha ba phethe ditaelo, kapa melao eo Morena a neng a e laele bana ba Jakobo, eo a neng a mo ree lebitso la Iseraele.


Aborahama a tswala Isaka. Bara ba Isaka ke Esau le Iseraele.


Eo metsamao ya hae e kgahlang Morena, Morena o mo phedisa ka kgotso le dira tsa hae.


Empa jwale, ke sena seo Morena a se bolelang, yena ya o bopileng, wena Jakobo, yena ya o entseng, wena Iseraele: “O se ke wa tshaba, hobane ke o lopolotse; ke o bitsitse ka lebitso, ke o bitsitse, o wa ka.


Le tla siela bakgethwa ba ka bitso la lona, bona ba tla le sebedisa ha ba etsa thohako; lona, Morena Modimo o tla le bolaya, bahlanka ba hae a ba bitse ka lebitso lesele.


Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ya hlwela naha. Mora wa Nune, e leng Hoshea, Moshe a mo rea lebitso la Joshua.


A mo isa ho Jesu. Jesu a mo tadima, a re: “O Simone, mora Johanne; o tla bitswa Kefase,” ke ho re: Petrose.


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja manna a patilweng. Ke tla mo nea lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho tla ngolwa lebitso le letjha, leo ho seng motho ya le tsebang, haese feela ya le amohelang.”


Yaba Saule o re ho Davida: “Davida, mora wa ka, o ke o hlohonolofale! Ke hona o sa tla etsa dikgolo, mme o tla atleha.” Davida a ikela ka tsela ya hae, le Saule a kgutlela ha hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ