Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:50 - BIBELE

50 Haeba o ka hlorisa baradi ba ka, kapa haeba o ka inkela basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, le hoja ho se na motho ya nang le rona, bona, Modimo ke paki pakeng tsa rona le wena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

50 hore, ha o ka hlokofatsa baradi ba ka, kapa o ka nka basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, hase motho ya tla ba le rona; o iponele, Modimo ke wona o tla ba paki ho nna le wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:50
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Labane o re ho Jakobo: “Bona qubu ena le mokolokotwane ona, oo ke o beileng pakeng tsa rona le wena.


Le jwale paki ya ka e lehodimong, mmuelli wa ka le yena o hodimodimo.


hobane ba ne ba entse manyala naheng ya Iseraele. Ba etsa bohlola le basadi ba ba ahelaneng le bona, ba bua leshano ka lebitso la ka, empa ke sa ba laela ho bua jwalo. Le nna ke a tseba, mme ke paki,’ ho rialo Morena.”


Bona ba re ho Jeremia: “Morena e be yena paki ya nnete, e tshepahalang, e tla re ahlola, haeba re ke ke ra hlompha ditaelo tsohle tseo Morena Modimo wa hao, a tlang ho di romela ho rona ka wena.


“ ‘O se ke wa nyala ngwanabo mosadi wa hao hore e be moqekwa; o se ke wa kena dikobong tsa hae, ha feela ngwanabo a ntse a phela.


Lona ditjhaba tsohle, mamelang! Wena lefatshe, sekeha tsebe! Le tsohle tse ho wena di sekehe tsebe! Morena Modimo o tla le qosa a le ka Tempeleng ya hae, Tempele e halalelang.


Jwale le a mpotsa, le re: “Ke ka baka lang?” Ke hobane Morena o tseba se etsahetseng pakeng tsa hao le mosadi wa hao wa matswathaka. O ile wa mo hlokela botshepehi, le hoja le ne le entse selekane sa hore e be mosadi wa hao.


“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.


Kamoo le tsebang kateng, ha re a ka ra tla ho lona ka maleme a monate, le ka meharo. Modimo ke paki.


Baholo ba Gileade ba arabela Jafeta, ba re: “Morena ke paki ya rona; re tla etsa jwalokaha o bolela.”


Samuele a re ho bona: “Kajeno Morena ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki ya hore ha le a fumana ke nkile letho.” Setjhaba sa re: “Morena ke paki!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ