Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:5 - BIBELE

5 mme a re ho bona: “Ke bona hore sefahleho sa ntata lona ha se sa le jwaloka maoba le maobane. Empa Modimo wa ntate o nnile a ba le nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A re ho bona: Ke bone sefahleho sa ntata lona, hobane ha se sa le jwaloka pele bakeng sa ka, empa Modimo wa ntate o bile le nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:5
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka yona nako eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba bua ho Aborahama, ba re: “Modimo o na le wena dinthong tsohle tseo o di etsang.


Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”


A bona Morena a eme kahodimo ho yona, a ntse a re: “Ke nna Morena, Modimo wa ntatao Aborahama, le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao.


Bona, ke na le wena, mme ke tla o sireletsa hohle moo o yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena. Ha nka ke ka o furalla, ho fihlela ke etsa seo ke se buileng ho wena.”


Ke nna Modimo wa Bethele, mane moo o neng o tshele mokolokotwane ka ole, mme wa nketsetsa kano teng. Jwale tsamaya, o tlohe naheng ena, mme o kgutlele naheng eo o tswaletsweng ho yona.’ ”


Ke na le matla a ho o etsa hampe, empa ka bosiu bo fetileng Modimo wa ntatao o ile a bua le nna, a re: ‘Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.’


Jwale Jakobo a romela hore a bitsetswe Ragele le Lea, ba tle naheng, mohlapeng wa hae,


Hoja Modimo wa ntate, Modimo wa Aborahama, ya tshajwang ke Isaka, ha a a ka a ba lehlakoreng la ka, ruri jwale o ka be o ntokolotse ke itlhophere! Modimo o ile a bona matshwenyeho a ka, le mosebetsi wa diatla tsa ka, mme a o kgalemela bosiung bo fetileng.”


Modimo wa Aborahama, le Modimo wa Nakore, le Modimo wa bo-ntata bona, a re ahlolele.” Jwale, Jakobo a hlapanya ka Ya Tshajwang ke ntatae Isaka.


Jakobo a rapela, a re: “Modimo wa ntate Aborahama, le Modimo wa ntate Isaka, wena Morena ya itseng ho nna: ‘Kgutlela naheng ya heno le ho bang ka wena, mme ke tla o tswela molemo’,


Yaba o hlohonolofatsa Josefa o re: “Modimo ya kgahlisitsweng ke bo-ntatemoholo, ke bo-ntatemoholo Aborahama le Isaka, ba mo kgahlisa ka metsamao ya bona; yena Modimo ya ileng a nkalosa, ho tloha bonyenyaneng ba ka, a nkalosa ho fihlela kajeno.


‘Le tle le bue tjena ho Josefa: Re a o rapela hle: Ako tshwarele bana beno molato wa bona le sebe sa bona, hobane ba ne ba o etse hampe.’ Jwale re a o rapela, ako tshwarele molato wa bahlanka ba Modimo wa ntatao.” Josefa a lla ha a utlwa.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.


Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse: “Ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ