Joshua a ngola mantswe ana Bukeng ya Molao wa Modimo. A nka lejwe le leholo, a le hloma moo, tlasa sefate sa eike, se neng se le haufi le Sehalalelo sa Morena.
Yaba Joshua o re ho setjhaba sohle: “Bonang, lejwe lena e tla ba paki e tla re tswa, hobane le utlwile dipolelo tsohle tsa Morena, tseo a di buileng ho rona. Ka baka leo, ke paki e tla le tswa, haeba le ka latola Modimo wa lona.”