Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:42 - BIBELE

42 Hoja Modimo wa ntate, Modimo wa Aborahama, ya tshajwang ke Isaka, ha a a ka a ba lehlakoreng la ka, ruri jwale o ka be o ntokolotse ke itlhophere! Modimo o ile a bona matshwenyeho a ka, le mosebetsi wa diatla tsa ka, mme a o kgalemela bosiung bo fetileng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Hojane Modimo wa ntate, Modimo wa Abrahama, o tshajwang ke Isaaka, o se ke wa eba le nna, o ka be o nkgutlisitse ke le feela. Modimo o bone ho hloreha ha ka, le ho kgathala ha diatla tsa ka, mme o o kgalemetse maobane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:42
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena a theohela fatshe ho tla bona motse le tora eo batho ba e hahang.


Hape lengeloi la Morena la re ho yena: “Bona, o moimana, mme o tla tswala mora. O tla mo rea lebitso la Ishemaele, hobane Morena o utlwile matshwenyeho a hao.


Hagare a re lebitso la Morena ya neng a bua le yena ke “Modimo ya Bonang”, hobane o ne a re: “Na ke nnete ke hlile ke bone Modimo, mme ke ntse ke phela kamora pono eo ya ka?”


Isaka a thothomela haholo, a re: “E ne e le mang he, ya ileng a ya tsoma phoofolo, mme a e tlisa ho nna, ka e ja yohle, o eso fihle, mme ka ba ka mo hlohonolofatsa? E, o tla hlohonolofala!”


Lea ya eba moimana, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Rubene, hobane o ne a re: “Ruri Morena o bone matshwenyeho a ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.”


“Yaba le re: ‘Phahamisa mahlo, o bone; diphooko tsohle tse tlolelang mohlape ke tse rolo, le tse phatshwa, le tse putswa, hobane ke bone tsohle tseo Labane a di etsang ho wena.


Empa Modimo a fihla ho Labane wa Moarame ka toro, bosiu, a re ho yena: “Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.”


Ke na le matla a ho o etsa hampe, empa ka bosiu bo fetileng Modimo wa ntatao o ile a bua le nna, a re: ‘Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.’


mme a re ho bona: “Ke bona hore sefahleho sa ntata lona ha se sa le jwaloka maoba le maobane. Empa Modimo wa ntate o nnile a ba le nna.


Modimo wa Aborahama, le Modimo wa Nakore, le Modimo wa bo-ntata bona, a re ahlolele.” Jwale, Jakobo a hlapanya ka Ya Tshajwang ke ntatae Isaka.


Jakobo a rapela, a re: “Modimo wa ntate Aborahama, le Modimo wa ntate Isaka, wena Morena ya itseng ho nna: ‘Kgutlela naheng ya heno le ho bang ka wena, mme ke tla o tswela molemo’,


Jwale re yeng, re nyoloheleng Bethele, mme teng ke tla hahela Modimo aletare, yena ya ileng a nkarabela matsatsing a mahlomola a ka, ya bileng le nna maetong wohle a ka.”


Yaba Iseraele o a falla, o nka tsohle tseo a nang le tsona, mme ha a fihla Beeresheba, a etsetsa Modimo wa ntatae Isaka mahlabelo.


Davida a ya ba kgahlanyetsa, a re ho bona: “Haeba le tlile ka kgotso, ho tla nthusa, ke tla le kgomarela, empa haeba le tlile ho tla nkekela dira tsa ka, leha ke se na molato, Modimo wa bo-ntata rona o tla le bona, a le otle.”


O hloile ba sebeletsang medimo ya bohata, athe nna ke tshepile Morena.


Yaba Morena o re: “Ke bone matshwenyeho a setjhaba sa ka se Egepeta; ke utlwile le sello sa sona, se bakwang ke bahlorisi ba sona, mme ke tseba ditlhokofatso tsa sona.


Hopola hore Morena wa mabotho o a halalela, e be yena eo o mo tshabang, e be yena eo o mo tshohang.


Wena Modimo wa baholoholo ba heso, ke a o leboha, ke bile ke a o tlotla, wena ya nneileng bohlale le matla, wa ntshenolela seo re se kopileng ho wena, wa re senolela seo kgosi e se batlang.”


Ha o mo lokolla, a se ke a tsamaya a itlhophere.


Empa le lengeloi le leholo Mikaele, mohla le neng le tsekisana setopo sa Moshe le Diabolosi, ha le a ka la mo ahlola ka thohako, feela le itse: “Morena a ke a o kgalemele.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ