Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:40 - BIBELE

40 Motsheare letsatsi le ne le ntjhesa, bosiu ke hatsela, mme ke hlobaela. Ke seo ke neng ke le sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Ka etsa jwalo, ke qetwa ke letsatsi motshehare, le ke serame bosiu, boroko bo le siyo mahlong a ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:40
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke a ka ka o tlitsetsa tse harotsweng ke dibatana; tseo e ile ya eba tse senyehetseng nna, hobane o ile wa di batla matsohong a ka, ebang di ne di utswitswe motsheare kapa bosiu.


Ka lemo tsena tse mashome a mabedi ke bile ka tlung ya hao; ka tse leshome le metso e mene tsa tsona ka sebeletsa ho fumana baradi ba hao ba babedi, mme ka lemo tse tsheletseng ka sebeletsa mehlape ya hao. Ka makgetlo a leshome o ile wa fetola moputso wa ka.


Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.


O lemoha hore kgwebo ya hae e a mo atla, bosiu bo sa bone la hae le sa tingwe.


Jakobo o balehetse naheng, naheng ya Baarame, Iseraele a sebeletsa ho nyala mosadi, hore a tle a mo nyale, a alosa dinku.


Ke omeleditse naha, le dithaba, le masimo a koro, le a morara, le a mohlwaare, le tsohle tse mediswang ke mobu; ka bolaisa batho le diphoofolo lenyora, le mesebetsi yohle ya matsoho a batho ka e nyopisa.”


Naheng yona eo, ho ne ho ena le badisa ba phelang metebong, ba lebela mehlape ya bona bosiu.


Ke yena ya le tsamaisitseng lehwatateng le leholo, le tshabehang, moo ho nang le dinoha tse mahloko a bohale, le diphepheng; le naheng e omeletseng, moo ho neng ho se na metsi, empa a le fa metsi a tswang lefikeng la morallana.


Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ