Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:38 - BIBELE

38 “Ka dilemo tsena tse mashome a mabedi tseo ke bileng le wena ka tsona, dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, mme ha ke eso ka ke itjella dipheleu tsa mohlape wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Ke dutse ho wena ka dilemo tsena tse mashome a mabedi; dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, le dipheleu tsa mohlape wa hao ha ke a ka ka di ja.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:38
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Labane a re ho yena: “Ako nkgauhele, hobane ke lemohile hore Morena o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.”


Jakobo a re ho Labane: “Wena o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng, le kamoo ke atlehisitseng mehlape ya hao kateng.


Pele ke fihla o ne o ena le dintho tse seng kae, empa jwale di eketsehile, ke mehlapehadi, mme Morena o o hlohonolofaditse ka tsohle, hohle moo ke neng ke eya teng. Jwale nna ke tla sebeletsa lelapa la ka neng?”


“Ka nako eo mohlape o nehelwang ka yona, eitse ha ke phahamisa mahlo, ka bona torong hore diphooko tse neng di tlolela mohlape e ne e le tse rolo le tse phatshwa, le tse putswa.


Ha e le moo o phentse diphahlong tsa ka tsohle, o fumane eng ya diphahlo tsa hao? E bee mona, kapele ho bana beso le bana beno, e le hore ba tle ba re ahlolele.


Ha ke a ka ka o tlitsetsa tse harotsweng ke dibatana; tseo e ile ya eba tse senyehetseng nna, hobane o ile wa di batla matsohong a ka, ebang di ne di utswitswe motsheare kapa bosiu.


Naheng ya heno ha ho mosadi ya tla senyehelwa, kapa eo e tla ba nyopa; ke tla etsa hore o phele halalele.


“Bana ba hao ba tla hlohonolofatswa, le ditholwana tsa naha ya heno, le tswala ya diphoofolo tsa hao, le manamane a dikgomo tsa hao, le tswala ya mehlape ya hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ