Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:37 - BIBELE

37 Ha e le moo o phentse diphahlong tsa ka tsohle, o fumane eng ya diphahlo tsa hao? E bee mona, kapele ho bana beso le bana beno, e le hore ba tle ba re ahlolele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ha o tswa fatakanya mesebetsi ya ka kaofela, ke efe ya mesebetsi yohle ya ntlo ya hao eo o e fumaneng na? E bee mona pela banabeso le banabeno, ba tle ba re ahlolele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:37
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mang kapa mang eo medimo ya hao e tla fumanwa ho yena, a ke ke a phela. Batla seng seo sa hao, moo bana babo rona ba ntseng ba bona, o se nke!” Jakobo o ne a sa tsebe hore Ragele o utswitse medimo eo.


Jwale Jakobo a halefa, a omanya Labane. Jakobo a re ho Labane: “Molato wa ka ke ofe? Sebe sa ka ke sefe, ha e le moo o ntelekisa ka matla tjee?


“Ka dilemo tsena tse mashome a mabedi tseo ke bileng le wena ka tsona, dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, mme ha ke eso ka ke itjella dipheleu tsa mohlape wa hao.


Empa ha a sa o mamele, nka motho a le mong kapa ba babedi, e le hore taba efe kapa efe e tiiswe ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo,


Lona le dipaki, le Modimo ke paki ya kamoo lona ba dumelang re ileng ra le tshwara kateng ka mokgwa o halalelang, o lokileng, o sa nyatseheng.


Re rapelleng. Re kgodisehile hore matswalo a rona a kgutsitse, hobane re rata ho ba le metsamao e metle dinthong tsohle.


Maqosa a ntsha dintho tsena ka tenteng, a di tlisa ho Joshua, le ho bana ba Iseraele bohle, a di bea fatshe kapele ho Morena.


Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.


Empa etsang hona ka mosa le ka hlompho, matswalo a lona a kgutsitse, e le hore ba buang hampe ka metsamao ya lona e metle, ya Bokreste, ba tle ba hlajwe ke dihlong ke diketseletso tseo tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ