Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:21 - BIBELE

21 A baleha le tsohle tsa hae, mme ha a tloha a tshela noka ya Euferatese, a leba thabeng ya Gileade.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 A thoba jwalo le tsohle tseo a nang le tsona; mme a tloha, a tshela noka, a leba thabeng ya Gileade.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:21
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;


Noka ya boraro e bitswa Tigerese; ke yona e fetang ka botjhabela ho Asure. Noka ya bone ke Euferatese.


Jakobo a thobela Labane wa Moarame, hobane o ne a sa ka a mmolella hore o lekgatheng la ho tsamaya.


Ka letsatsi la boraro Labane a tsebiswa hore Jakobo o balehile.


Yaba o nka bana babo, o lelekisa Jakobo ka matsatsi a supileng, mme a fihla ho yena thabeng ya Gileade.


Jwale ba dula fatshe, ba eja. Yare ha ba phahamisa mahlo ba bona mokoloko wa Baishemaele ba tswang Gileade, ba le leetong, ba ya Egepeta, dikamele tsa bona di belesitswe boroku, le ditlolo, le mmira.


Jakobo a roma Juda ho mo etella pele, ho ya tsebisa Josefa hore a ye Goshene, mme ba fihla seterekeng sa Goshene.


Ba fetela Gileade le Kadeshe, naheng ya Bahete, ba nto fetela Dane, ba potoloha ho ya fihla Sidone.


Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”


Jwale Hasaele, kgosi ya Arame, a nyoloha, a futuhela Gate, a e hapa a nto rera ho futuhela Jerusalema.


Ba tla botsa tsela e yang Sione, fahleho tsa bona di tadime tseleng eo. Ba tla tla, ba ineele Morena, ba etse selekane sa kamehla yohle, selekane se ke keng sa hlola se lebalwa.


Ha Bileame a bona hore ho thabisa Morena ho hlohonolofatsa Iseraele, ha a ka a hlola a ya batla tsa boloi jwaloka pele, empa a tadima lehwatateng.


Bara ba Rubene le bara ba Gade e ne e le barui ba mehlape e meholo ya dikgomo; ba lemoha hore naha ya Jarese le naha ya Gileade ke naha ya makgulo a matle a dikgomo.


“Ka nako eo re neng re hapa naha eo ka yona, ke ile ka abela ba morabe wa Rubene le wa Gade naha, ho tloha Arowere e pela kgohlo ya Arenone, le karolo ya thaba ya Gileade, le metse ya yona.


Setjhaba, se ena le mahosana a Gileade, sa buisana, sa re: “Ke monna ofe ya tla qala ho lwantsha Baamone? Monna eo e tla ba yena moetapele wa baahi bohle ba Gileade.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ