Jwale mohlanka a nka dikamele tse leshome dikameleng tsa monga hae, mme a tsamaya a nkile mefuta yohle ya dintho tsa bohlokwa tsa monga hae. A ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.
A kganna diphoofolo tsa hae kaofela, a nka le thepa ya hae yohle, eo a e sebeleditseng, le leruo la diphoofolo leo a le fumaneng Padane-Arame, a kgutlela ho ntatae Isaka, naheng ya Kanana.
Davida a ba bolaya ho tloha ka shwalane, ho ya fihla phirimaneng ya letsatsi le hlahlamang. Ha se ke ha phonyoha le ya mong wa bona, haese bahlankana ba makgolo a mane, ba ileng ba lwabela dikamele, ba baleha.