Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:15 - BIBELE

15 Na ha a ya re nka re se re le baditjhaba? O re rekisitse, mme o jele dikgomo tsa bohadi ba rona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Na ha a re tadime jwaloka baditjhaba na, a reka ka rona, a ba a ja tjhelete ya theko ya rona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:15
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka phirimana Labane a nka moradi wa hae Lea, a mo isa ho Jakobo, mme yena a kena dikobong tsa hae.


Nnee basadi ba ka le bana ba ka, bao ke o sebeleditseng ho ba fumana, mme o ntokolle ke tsamaye, hobane o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng.”


Yaba bo-Ragele le Lea ba arabela, ba re: “Na re sa na le seabo le lefa tlung ya ntata rona?


Maruo wohle ao Modimo a a amohileng ntata rona, ke a rona le a bana ba rona. Jwale etsa tsohle tseo Modimo a o boleletseng tsona.”


Ka lemo tsena tse mashome a mabedi ke bile ka tlung ya hao; ka tse leshome le metso e mene tsa tsona ka sebeletsa ho fumana baradi ba hao ba babedi, mme ka lemo tse tsheletseng ka sebeletsa mehlape ya hao. Ka makgetlo a leshome o ile wa fetola moputso wa ka.


Ka re ho bona: “Ho ya kamoo re bileng le hona kateng, re lopolotse bana babo rona, e leng Bajuda ba neng ba rekiseditswe baditjhaba. Jwale lona le rekisa bana babo lona, hore re tle re ba reke hape!” Ba kgutsa tu! ba sitwa ho bua!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ