Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 31:10 - BIBELE

10 “Ka nako eo mohlape o nehelwang ka yona, eitse ha ke phahamisa mahlo, ka bona torong hore diphooko tse neng di tlolela mohlape e ne e le tse rolo le tse phatshwa, le tse putswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ya na ya re mohla dinku di itlhokisang, ka lelatsa mahlo a ka, ka tadima ke ntse ke lora, ka bona dipheleu tse hlokang dinku e le tse tshasa, le tse thobosha, le tse rolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 31:10
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo a re ho yena torong eo: “E, ke a tseba hore hona o ho entse ka tswalo le kgutsitseng, mme ke nna ya ileng a o thibela hore o se ke wa ntshitelwa. Ka baka leo, ha ke a ka ka o dumella hore o mo ame.


A lora toro, mme ho yona a bona lere e hlonngweng fatshe, e ilo fihla lehodimong. A bona mangeloi a Modimo a ntse a ehlwa, a theoha ka yona.


Mehlape ya emara ha e le pela dithutswana, ya tswala tse mebalabala: tse rolo, le tse pudutswana, le tse tshasana, le tse thoboshana.


“Lengeloi la Morena la re ho nna torong: ‘Jakobo!’ “Ka re: ‘Ke nna enwa!’


“Yaba le re: ‘Phahamisa mahlo, o bone; diphooko tsohle tse tlolelang mohlape ke tse rolo, le tse phatshwa, le tse putswa, hobane ke bone tsohle tseo Labane a di etsang ho wena.


Empa Modimo a fihla ho Labane wa Moarame ka toro, bosiu, a re ho yena: “Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.”


Modimo o amohile ntata lona diphoofolo tsa hae, mme a nnea tsona.


Yaba Josefa o lora toro, mme ha a e phetela bana babo, ba mo hloya ka ho fetisa.


Hona moo Gibeone, Morena a itlhahisa ho Solomone torong, bosiu, a re: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona.”


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


“Haeba moporofeta kapa molori wa ditoro a ka ba teng hara lona, mme a le etsetsa pontsho kapa mohlolo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ