Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 30:20 - BIBELE

20 Jwale Lea a re: “Modimo o mphile mpho e ntle, mme kajeno monna wa ka o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng.” Yaba o rea mora eo lebitso la Sebulone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba Lea o re: Modimo o ntshitsitse ka neo e ntle; jwale, monna wa me o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng. Mme a mo rea lebitso la Sabulone (moaho).

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 30:20
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya boela ya eba moimana, a tswala mora, mme a re: “Jwale monna wa ka o tla nkgomarela, hobane ke mo tswaletse bara ba bararo.” Ka baka lena, enwa a mo rea lebitso la Levi.


Empa Lea a re ho yena: “Na ke ntho e nyenyane ha o nkile monna wa ka, mme jwale o rata ho nka le ditholwana tsa moratiso tsa mora wa ka?” Ragele a araba, a re: “E, a ka nna a robala le wena bosiung bona, ha o ka mpha ditholwana tsa moratiso tsa mora wa hao.”


Lea ya eba moimana hape, mme a tswalla Jakobo mora wa botshelela.


Kamora mona a tswala moradi, a mo rea lebitso la Dina.


Ereng ke ntshe bohadi bo bongata le dimpho tse ngata, mme ke tla le nea kamoo le batlang kateng, ha feela le ka mpha mosetsana hore e be mosadi wa ka.”


Bara ba Lea ke: Rubene, letsibolo la Jakobo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sabulone.


Bara ba Sebulone: Serede, le Elone, le Jahallele.


“Sebulone o tla aha lebopong la lewatle, e tla ba yena kou ya dikepe, meedi ya hae e tla fella Sidone.


Bokang Modimo diphuthehong, bokang Morena dibokeng tsa Iseraele.


Empa haeba ntata morwetsana a hana ho mo nea yena, o tla mo lefa ka tjhelete e lekanang bohadi ba barwetsana.


A tloha Nasaretha, a tla aha Kapernauma e lebopong la letsha, tikolohong ya Sebulone le Nafthali,


Merabe ya bo-Rubene le Gade, le Ashere, le Sebulone, le Dane, le Nafthali, yona, e tla ema hodima thaba ya Ebale, e phatlalatse thohako.”


Barake a bitsetsa banna ba Sebulone le ba Nafthali Kedeshe, mme a nyolohela teng a ena le banna ba dikete tse leshome. Debora a nyoloha le yena.


Banna ba Efraime ba theohela naheng ya Amaleke, Benjamine a o latela a le hara mabotho a hao. Balaodi ba theoha ba etswa ha Makiri, ha Sebulone ha tswa ba nkileng mokgele wa molaodi.


Yaba Saule o re: “Le tle le bolelle Davida tjena: ‘Kgosi ha e batle bohadi, e ipatlela feela maeko a lekgolo a Bafilesita, hore kgosi e iphetetse ho dira tsa yona.’ ” Saule o ne a hopola hore hoo ho tla etsa hore Davida a bolawe ke Bafilesita.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ