Jwale Esau a hloya Jakobo ka baka la tlhohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona. Esau a re ka pelong ya hae: “Matsatsi a bofifi ba ntate a atametse, mme ke tla bolaya Jakobo, moena wa ka.”
Lea ya eba moimana, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Rubene, hobane o ne a re: “Ruri Morena o bone matshwenyeho a ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.”
Yaba Morena o re: “Ke bone matshwenyeho a setjhaba sa ka se Egepeta; ke utlwile le sello sa sona, se bakwang ke bahlorisi ba sona, mme ke tseba ditlhokofatso tsa sona.
“Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”
“Ha mang kapa mang a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi, le bana, le bana babo, le kgaitsedie, le bona bophelo ba hae, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.
Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.
“Ha monna a nyetse basadi ba babedi, e mong e le thatohatsi, e mong e le ya hloilweng, ba mo tswaletse bana, mme mora wa matsibolo e le wa ya hloilweng,