Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 29:30 - BIBELE

30 Jakobo a kena dikobong tsa Ragele, mme a rata Ragele ho feta Lea. A boela a sebeletsa Labane ka dilemo tse ding tse supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Jakobo a ba a ya le ho Ragele; a mpa a rata Ragele ho feta Lea; mme a boela a sebeletsa Labane ka dilemo tse ding tse supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 29:30
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahlo a Lea a ne a le bolea, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle haholo.


Jakobo o ne a rata Ragele, mme a re: “Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ke sebeletsa ho fumana Ragele, moradi wa hao e monyenyane.”


Jakobo a sebeletsa bohadi ba Ragele ka dilemo tse supileng, empa ka baka la lerato leo a neng a rata Ragele ka lona, dilemo tseo tsa ka ditshiu tse seng kae.


Labane a nka lekgabunyane la hae Bileha, a le nea moradi wa hae Ragele, hore e be lekgabunyane la hae.


Ha Morena a bona hore Lea ha a ratwe, a mo fa thari, empa Ragele ya eba nyopa.


Na ha a ya re nka re se re le baditjhaba? O re rekisitse, mme o jele dikgomo tsa bohadi ba rona!


Ka lemo tsena tse mashome a mabedi ke bile ka tlung ya hao; ka tse leshome le metso e mene tsa tsona ka sebeletsa ho fumana baradi ba hao ba babedi, mme ka lemo tse tsheletseng ka sebeletsa mehlape ya hao. Ka makgetlo a leshome o ile wa fetola moputso wa ka.


Yaba re re ho morena ka: ‘Ntata rona o teng, o se a hodile; le moena rona o teng, ngwana ya fumanetsweng boqhekung. Moholwane wa hae o ne a shwe; ho bana ba mmae ke yena feela ya setseng, mme ntatae o mo rata haholo.’


“Yaba mohlanka wa hao, ntata rona, o re: ‘Le a tseba hore mohatsa ka o ntswaletse bara ba le babedi.


Jakobo o balehetse naheng, naheng ya Baarame, Iseraele a sebeletsa ho nyala mosadi, hore a tle a mo nyale, a alosa dinku.


“Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntokele; ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntokele,


“Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”


“Ha mang kapa mang a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi, le bana, le bana babo, le kgaitsedie, le bona bophelo ba hae, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.


Ya ratang bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, mme ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng.


“Ha monna a nyetse basadi ba babedi, e mong e le thatohatsi, e mong e le ya hloilweng, ba mo tswaletse bana, mme mora wa matsibolo e le wa ya hloilweng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ