Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 29:18 - BIBELE

18 Jakobo o ne a rata Ragele, mme a re: “Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ke sebeletsa ho fumana Ragele, moradi wa hao e monyenyane.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Jakobo a rata Ragele, a re: Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ha o ka nnea Ragele, moradi wa hao e monyenyane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 29:18
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Isaka a isa Rebeka ka tenteng ya mmae Sara; yaba o a mo nka, e ba mosadi wa hae, mme a mo rata. Isaka a tshediseha kamora lefu la mmae.


Yaba Labane o re: “Ho molemo hore ke mo nee wena, ho ena le ho mo nea monna osele. Dula le nna he.”


Jakobo a sebeletsa bohadi ba Ragele ka dilemo tse supileng, empa ka baka la lerato leo a neng a rata Ragele ka lona, dilemo tseo tsa ka ditshiu tse seng kae.


Jakobo a kena dikobong tsa Ragele, mme a rata Ragele ho feta Lea. A boela a sebeletsa Labane ka dilemo tse ding tse supileng.


Nnee basadi ba ka le bana ba ka, bao ke o sebeleditseng ho ba fumana, mme o ntokolle ke tsamaye, hobane o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng.”


Ka lemo tsena tse mashome a mabedi ke bile ka tlung ya hao; ka tse leshome le metso e mene tsa tsona ka sebeletsa ho fumana baradi ba hao ba babedi, mme ka lemo tse tsheletseng ka sebeletsa mehlape ya hao. Ka makgetlo a leshome o ile wa fetola moputso wa ka.


Ereng ke ntshe bohadi bo bongata le dimpho tse ngata, mme ke tla le nea kamoo le batlang kateng, ha feela le ka mpha mosetsana hore e be mosadi wa ka.”


Yaba Davida o roma maqosa ho Ishe-Boshete, mora wa Saule, o re: “Nnee mosadi wa ka Mikale, eo ke neng ke mo nyale ka maeko a lekgolo a Bafilesita.”


Jakobo o balehetse naheng, naheng ya Baarame, Iseraele a sebeletsa ho nyala mosadi, hore a tle a mo nyale, a alosa dinku.


Yaba ke a mo lata, ke lefa silefera e boima ba dikeramo tse ka bang lekgolo le mashome a supileng, le dikilokeramo tse lekgolo le mashome a mahlano tsa harese.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ