Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 29:17 - BIBELE

17 Mahlo a Lea a ne a le bolea, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Lea o ne a na le mahlo a fokolang, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle ho bonweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 29:17
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha a se a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosadi wa hae Sarai: “Bona mona; ke a tseba hore o mosadi e motle haholo;


Ha Aborame a fihla Egepeta, Baegepeta ba bona hore mosadi eo o motle haholo.


Morwetsana enwa o ne a le motle haholo, a eso dihuwe letswele. A theohela sedibeng, a tlatsa nkgo ya hae, a nyoloha.


Ha batho ba sebaka seo ba mmotsa ka mosadi wa hae, a re: “Ke kgaitsedi ya ka,” hobane o ne a tshaba ho re: “Ke mosadi wa ka,” esere banna ba sebaka seo ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane Rebeka o ne a le motle haholo.


Jwale Labane o ne a ena le baradi ba babedi; lebitso la e moholo e ne e le Lea, mme lebitso la e monyenyane e le Ragele.


Jakobo o ne a rata Ragele, mme a re: “Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ke sebeletsa ho fumana Ragele, moradi wa hao e monyenyane.”


Jakobo a kena dikobong tsa Ragele, mme a rata Ragele ho feta Lea. A boela a sebeletsa Labane ka dilemo tse ding tse supileng.


Modimo a hopola Ragele, a mo mamela, a mo fa thari.


Yaba tsohle tseo a nang le tsona o di bea taolong ya Josefa, mme ha a ntse a ena le yena a se ke a tshwenngwa ke letho, haese feela ho itjella. Josefa o ne a le motle, a kgahleha.


Hoba nna ke tlohe Padane, Ragele o ile a shwela matsohong a ka naheng ya Kanana, re le tseleng, haufi le Eferata. Ka mo epela teng, pela tsela ya Eferata, e leng Betlelehema.”


Leredi ke thetsane, botle ke lefeelafeelane; mosadi ya tshabang Modimo ke yena ya tla roriswa.


Morena o bua tjena: “Mohoo o utlwahetse Rama, seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, Ragele o hana ho tshediseha, hobane bana ba hae ha ba sa le yo.”


“Mohoo o utlwahetse Rama: seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, mme o hana ho tshediseha, hobane ha ba sa le yo.”


Kajeno, ha o tloha mona ho nna, o tla fumana banna ba babedi pela lebitla la Ragele, naheng ya Benjamine, mane Selesa. Banna bao ba tla re ho wena: ‘Ditonki tseo o neng o ilo di batla di fumanwe. Ntatao ha a sa tsoteletse ditonki tseo, o se a tshwenyehile ka baka la hao, mme o re: “Mora wa ka ke tla mo fumana jwang?” ’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ