Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 29:14 - BIBELE

14 mme Labane a re ho yena: “Ruri o lesapo la ka le nama ya ka!” Jakobo a hlola le yena kgwedi kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Labane a re ho yena: Efela o lesapo la ka le nama ya ka! Jakobo a dula ho yena matsatsi a kgwedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 29:14
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Aborame o re ho Lota: “Ke a o rapela, qabang a e ke e be siyo pakeng tsa rona le wena, le pakeng tsa badisana ba ka le badisana ba hao, hobane re bana ba motho.


Yaba motho o re: “Enwa ke lesapo la masapo a ka, le nama ya nama ya ka; o tla bitswa Mosadi, hobane a ntshitswe ho Monna.”


Jakobo a bolella Ragele hore ke seng le ntatae, le hore yena ke mora wa Rebeka. Ragele a matha, a ya tsebisa ntatae.


Yaba Labane o re ho Jakobo: “Kaha o motjhana wa ka, na o ka ntshebeletsa feela? Mpolelle: ke o lefe bokae?”


Tloong, re mo rekiseng ho Baishemaele, mme re se ke ra mo isa matsoho, hobane ke ngwanabo rona, ke nama ya rona.” Bana babo ba dumela.


Merabe yohle ya Baiseraele ya ya ho Davida a le Heborone, ya bua, ya re: “Bona, re bana beno.


O se tshepe ya ahisaneng le wena, motswalle le yena o se ke wa mo tshepa; esita le ho yena mosadi wa hao, o ele hloko seo o se buang ho yena.


mme mohlomong nka etsa hore setjhaba sa heso se be lefufa, ke tle ke pholose ba bang ba sona.


e leng mmele wa hae oo re leng ditho tsa wona.


“Ke a le kopa: Buang moo bana bohle ba Shekeme ba utlwang, le re: ‘Ho molemo ho lona ke hofe: Na ke ho buswa ke banna ba mashome a supileng, bao bohle e leng bara ba Jerubaale, kapa ke ho buswa ke monna a le mong feela?’ Hopolang hore nna le lona re nama e le nngwe le madi a le mang.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ