Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 28:17 - BIBELE

17 A tshaba, mme a re: “Sebaka see se tshabeha hakaakang! Sebaka sena ke sona ntlo ya Modimo, ebile ke kgoro ya lehodimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 A tshoha, a re: Nqalo ena e tshabeha hakakang! Mona ke ntlo ya Modimo, ke monyako wa lehodimo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 28:17
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a tsoha ka madungwadungwana, a nka lejwe leo a neng a le samile, a le hloma hore e be mokolokotwane, a le tshela ka ole.


Le lejwe leo ke le hlommeng hore e be mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo. Ke tla mo nea karolo e le nngwe leshomeng ka leng la tsohle tseo a mphang tsona.”


Baprista ba sitwa ho ntshetsa mosebetsi wa bona pele ka baka la leru, hobane tlotla ya Morena e ne e tletse ka Tempeleng ya Modimo.


Thoholetsang matla a Modimo; ke yena ya renang hodima Iseraele, matla a hae a marung.


Modimo a re ho yena: “O se ke wa atamela mona! Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela!”


A ba a re: “Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo!” Moshe a ipata sefahleho, hobane o ne a tshaba ho tadima Modimo.


Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe.


Ha barutuwa ba utlwa hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba tshohile haholo.


Lengeloi la Morena la fihla ho bona, kganya ya Morena ya ba teela hare, mme ba tshaba haholo.


Batho ba tswa ho ya bona se etsahetseng, ba tla ho Jesu, mme ba fumana monna eo bademona ba tswileng ho yena a dutse maotong a Jesu, a apere, kelello ya hae e tsitsitse hantle, mme ba tshoha.


Empa haeba nka dieha, o se o ntse o tseba kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo ya phelang, tshiya le motheo wa nnete.


Re na le Moprista ya Phahameng, ya okametseng ba ntlo ya Modimo.


E se e le nako ya hore kahlolo e qale, mme e qale ka ba ntlo ya Modimo. Jwale ha e le moo e qala ka rona, qetello ya ba sa dumeleng molaetsa o molemo wa Modimo yona e tla ba jwang?


Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,


Manowa a re ho mosadi wa hae: “Ruri re tla shwa, hobane re bone Modimo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ