Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 28:16 - BIBELE

16 Yaba Jakobo o phaphama borokong, o re: “Ruri Modimo o teng sebakeng sena; feela ke ne ke sa tsebe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Jakobo o phaphama borokong ba hae, a re: Kannete Jehova o teng nqalong ena, kanthe ke sa tsebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 28:16
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Solomone a phaphama, a elellwa hore o ne a ntse a lora. Yaba o ya Jerusalema, o fihla a ema kapele ho areka ya selekane sa Morena, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, mme a etsetsa le matona wohle a hae mokete.


Modimo o bua ka mekgwa e le mengata, empa ha ho ya keng a hlokomele.


“Ha a feta pela ka ha nke be ke mmone, ha a itsamaela le teng ha ke lemohe.


Nka ya kae ho ipatela moya wa hao? Nka balehela kae ho ipatela sefahleho sa hao?


Thoholetsang matla a Modimo; ke yena ya renang hodima Iseraele, matla a hae a marung.


“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?


Morena a bona hore Moshe o a kgelohela, ho ya bona, mme Modimo a mmitsa a le kahara sehlahla sa monokotshwai, a re: “Moshe! Moshe!” Yaba Moshe o re: “Ke nna enwa!”


Modimo a re ho yena: “O se ke wa atamela mona! Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela!”


Hopola hore Morena wa mabotho o a halalela, e be yena eo o mo tshabang, e be yena eo o mo tshohang.


Yaba jwale ke a phaphama, ke a hlaphohelwa, ka fumana hore ke ne ke robetse hamonate.


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”


Molaodi wa lebotho la Morena a re ho Joshua: “Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng hodima sona se a halalela.” Joshua a etsa jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ