Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 27:40 - BIBELE

40 O tla phela ka sabole ya hao, mme o tla sebeletsa moena hao, empa ha nako ya ho itokolla e fihla, o tla monyola molala wa hao jokong ya hae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 empa o tla phela ka lerumo la hao, o sebeletse moenao; etlare ha o etsa ka matla, o tla roba joko ya hae, o e kwele molaleng wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 27:40
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme Morena a re ho yena: “Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao, merabe e mmedi e tla arohana, merabe eo e tswe maleng a hao, morabe o mong o tla ba matla ho feta o mong, e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.”


Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”


Maqosa a kgutlela ho Jakobo, a re: “Re ile ra fihla ho moholwane wa hao Esau, mme le yena o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, a ena le banna ba makgolo a mane.”


Empa Esau a re: “Ha ke hloke letho ngwaneso, ipolokele seo a nang le sona.”


A hloma diahelo tsa mabotho naheng yohle ya Edomo, mme baahi bohle ba Edomo ya eba bahlanka ba hae. Morena a thusa Davida hohle moo a yang teng.


O fela o hlotse Baedomo, jwale o se o le makokonyana! Thabela hona, o itulele ha hao. O ratelang ho ikenya tsitsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?”


Amasiya a bolaela Baedomo ba dikete tse leshome ka Kgohlong ya Letswai, a ba a hapa Sela, a e rea lebitso la Jokotheele, mme e ntse e bitswa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Haesale Baedomo ba itokolla pusong ya setjhaba sa Juda, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Ka yona nako eo, motse wa Lebena le wona wa fetohela Juda, hobane Jehorame a ne a ile a furalla Morena Modimo wa bo-ntatae.


Ka nako eo Jehorame a neng a busa ka yona, Baedomo ba mo fetohela, ba itokolla pusong ya Juda, ba ikgethela kgosi.


Baedomo ba ne ba ile ba futuha hape, ba fihla ba hlola setjhaba sa Juda, mme ba thopa batho.


Modimo o buile a le Sehalalelong sa hae, o buile a le ho sona, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.


“Le se ke la hloma eka ke tlisitse kgotso lefatsheng; ha ke a tlisa kgotso, ke tlisitse sabole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ