Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 27:38 - BIBELE

38 Yaba Esau o re ho ntatae: “Na ha o sa na le lehlohonolo le leng ntate? Le nna ntlhohonolofatse hle, ntate!” Esau a bokolla habohloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Esau a re ho ntatae: A ke yona hlohonolofatso ya hao e nnotshi, ntate? Oho, ntlhohonolofatse le nna, ntate! Yaba Esau o phahamisa lentswe la hae, a lla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 27:38
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Esau a utlwa mantswe a ntatae a lla sello se seholo, se bohloko, mme a re ho ntatae: “Le nna ako ntlhohonolofatse hle ntate!”


Yaba Esau o re: “Na ha a ya bitswa Jakobo ka nepo? Hobane o nqhekanyeditse habedi. O ile a nka ditokelo tsa boholo ba ka, mme jwale bona, o nkile le mahlohonolo a ka!” A tswela pele, a re: “Na nna ha o a ntshiela lehlohonolo?”


Bana bohle ke meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme sena ke seo ntata bona a se buileng ho bona ha a ba hlohonolofatsa; e mong le e mong a hlohonolofatswa ka mahlohonolo a mo tshwanelang.


Bahlanka ba ka ba tla bina, ba bine hobane pelo di nyakaletse; empa lona le tla lla, le lliswe ke pelo tse bohloko, le bokolliswe ke ho tubeha ha meya ya lona.


Le a tseba kamoo hamorao, ha a ne a lokela ho newa tlhlohonolofatso, a ileng a lahlwa kateng, hobane o ne a sitwa ho etsolla seo a neng a ile a se etsa, leha a ne a leka ho etsa jwalo ka meokgo.


Maqosa a fihla Gibea, motseng wa Saule, mme a bolela mantswe ana moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa. Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa lla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ