Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 27:35 - BIBELE

35 Empa ntatae a re: “Moena wa hao a tlile ka bolotsana, mme o nkile mahlohonolo a hao!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 A re: Moenao o tlile ka mano, o inketse lehlohonolo la hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 27:35
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Isaka a thothomela haholo, a re: “E ne e le mang he, ya ileng a ya tsoma phoofolo, mme a e tlisa ho nna, ka e ja yohle, o eso fihle, mme ka ba ka mo hlohonolofatsa? E, o tla hlohonolofala!”


Yare ha bo esa, bo bonahala hore ke Lea, Jakobo a re ho Labane: “Ke eng ee, eo o nketseditseng yona? Na ha ke o sebeletsa, ke ne ke sa sebeletse hore o nnee Ragele? Jwale o nthetseditseng?”


Ka baka lena, mpitsetseng baporofeta bohle ba Baale, le bahlanka bohle ba hae, le baprista bohle ba hae. Ho se be le ya mong ya tla ba siyo, hobane ke tla etsetsa Baale sehlabelo se seholo. Mang kapa mang ya tla ba siyo a ke ke a phela.” Feela Jehu o ne a etsa leqheka, ka morero wa hore a tle a bolaye ba rapelang Baale.


Na le buella Modimo ka ho bua bokgopo? Na le ka mmuella ka ho bua mashano?


“Motho ka mong a hlokomele motswalle wa hae, ngwaneno le yena o se ke wa mo tshepa, hoba ngwanabo motho ka mong ke mokgohlisi, motswalle ka mong ke moetseletsi.


Na rona bohle ntata rona ha a mong? Na ha re a boptjwa ke Modimo a le mong? Ke ba baka lang ha re silafatsa selekane sa baholoholo ba rona ka ho hlokelana botshepehi?


Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.


Tabeng ena, ho se be ya senyetsang ngwanabo, mme a mo jella ditokelo tsa hae, hobane jwalokaha re se re boletse pele, ra ba ra tiisa, Morena ke yena ya ahlolang tsohle tse jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ