Jwale a re: “Ntlisetse yona, ke je nama ya tse tsomilweng ke mora wa ka mme ke o hlohonolatse.” Yaba o e tlisa ho yena, mme a ja; a mo tlisetsa le veine mme a nwa.
Moporofeta wa leqheku a re ho yena: “Le nna ke moporofeta jwaloka wena. Ka taelo ya Morena, lengeloi le ile la re ho nna: ‘Kgutlela le yena tlung ya hao, a tle a fumane dijo, a nwe metsi.’ ” Empa moporofeta wa leqheku o ne a le leshano.
Moo batho ba mmonang, Davida o ne a ye a iketsise; ere ha ba mo tshwara a itlhantshe, a ngwapake mamati a kgoro ya motse, a tlohele diqhenqhe di dutlele ditelung tsa hae.
Davida a re ho moprista Ahimeleke: “Kgosi e ntaetse hore ke etse ho hong, mme ya re ho nna: ‘O se ke wa bolella motho seo ke o romileng sona, le seo ke o laetseng sona.’ Ke itse bahlanka ba ka ba yo kopana le nna sebakeng se seng.
Ha Akishe a botsa Davida, a re: “O ne o hlasetse kae kajeno?” Davida o ne a ye a re: “Ka borwa ho naha ya Juda,” kapa a re: “Ka borwa ho naha ya Jerahemeele” kapa a re: “Ka borwa ho naha ya Bakene.”