Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 25:6 - BIBELE

6 Empa ha e le bara ba basadi ba hae ba mafielo, Aborahama a ba nea dimpho, mme eitse a sa phela a ba tlosa ho mora wa hae Isaka, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya botjhabela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa haele bara ba basadi ba bang, bao Abrahama a neng a na le bona, Abrahama a ba abela dimpho, mme a ba tlosa pela Isaaka, mora hae, a sa ntse a phela, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya Botjhabela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 25:6
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora hoba Aborame a phele dilemo tse leshome naheng ya Kanana, Sarai, mohatsa hae, a nka Hagare, lekgoba la hae la mosadi eo e leng Moegepeta, a le nea Aborame ho ba mosadi wa hae.


Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.


Aborahama a boela a nyala mosadi e mong, eo lebitso la hae e neng e le Ketura.


Jakobo a tswela pele leetong la hae, a ya fihla naheng ya baahi ba ka botjhabela.


Yaba o nea Jakobo lekgabunyane la hae Bileha hore e be mosadi wa hae.


Ha Lea a bona hore a ke ke a hlola a beleha, a nka lekgabunyane la hae Silepa, mme a le nea Jakobo hore e be mosadi wa hae.


Bosiung bona boo Jakobo a tsoha, a nka basadi ba hae ba babedi le makgabunyane a hae a mabedi, le bara ba hae ba leshome le motso o mong, a tshela ledibohong la Jaboko.


Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo. Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.


Rehoboame o ne a rata Maaka, moradi wa Abosalome, ho feta basadi bohle ba hae, le basadi ba hae ba mafielo. O ne a nyetse basadi ba leshome le metso e robedi, le basadi ba mafielo ba mashome a tsheletseng. A tswala bara ba mashome a mabedi a metso e robedi, le baradi ba mashome a tsheletseng.


Ho ne ho ena le monna e mong naheng ya Use, lebitso la hae e le Jobo. Monna eo o ne a lokile, a hloka kodi; a tshaba Modimo, a kgesa bobe.


O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.


hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.


Leha ho le jwalo, ha a a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tswang lehodimong le kotulo ka nako ya yona, ho le kgorisa, le ho nyakalatsa dipelo tsa lona.”


Mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana eo, a mo tshwarella, a ba a hlola le yena matsatsi a mararo. Yaba ba a ja, ba a nwa, ba robaletsa moo.


E ne e ye ere ha Baiseraele ba jetse, Bamidiane, le Baamaleke, le ba merabe ya Botjhabela, ba nyolohe, ba futuhele Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ