Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 25:34 - BIBELE

34 Jwale Jakobo a fa Esau bohobe le sopho ya dierekisi; yaba o a ja, o a nwa, a nto phahama, a ikela. Esau a nyedisa ditokelo tsa boholo ba hae jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Yaba Jakobo o fa Esau bohobe le moapeho wa dinawa; mme a ja, a nwa, a ntoo ikela. Esau o ne a nyedise boholwane ba hae ka mokgwa o jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 25:34
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka mohlomong Jakobo o ne a phehile sopho, Esau a kena a etswa naheng, a lapile haholo.


Jakobo a re: “Ntlhapanyetse pele!” Yaba o a mo hlapanyetsa, o rekisetsa Jakobo ditokelo tsa boholo ba hae.


Tlala ya eba teng naheng eo, ntle ho tlala e kileng ya eba teng pele, mehleng ya Aborahama. Yaba Isaka o ya Gerare, ho Abimeleke kgosi ya Bafilesita.


Ntatae Isaka a re ho yena: “O mang?” A arabela, a re: “Ke nna mora wa hao, matsibolo a hao, Esau.”


Ba nyedisa naha e kgahlehang, hobane ba ne ba sa kgolwe, ba sa kgolwe ditshepiso tsa hae.


Ka baka lena ke thoholetsa boithabiso, hobane mona lefatsheng ha ho ntho e molemo ho motho, haese hore a je, a nwe, mme a nyakalle. O tla nne a nyakalle jwalo ha a le mosebetsing wa hae, ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ao Modimo a mo neileng wona mona lefatsheng.


Empa ya eba thabo, ya eba nyakallo, ha hlajwa makgomo, ha hlajwa manku, ha jewa dinama, ha nowa veine! “A re jeng, re inwelleng,” lona la rialo, “hobane hosasane re tla be re shwele!”


Morena a bua ho nna, a re: “Di akgelle sebopi sa dipitsa!” Ka nka ditjhelete tseo tsa silefera tse mashome a mararo, e leng moputso o moholo, oo ba neng ba re o a ntokela, ka di akgella sebopi sa dipitsa ka Tempeleng ya Morena.


“Empa bamemuwa ba se ke ba ba natsa, ba itsamaela; e mong a ikela masimong, e mong a ikela kgwebong ya hae.


o re: “Le tla mphang, ke tle ke le neele yena?” Ba mo lefa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo.


“ ‘Tadimang, lona banyedisi ting! Makalang, le be le timele! Ke etsa ho hong mehleng ena ya hao; ke etsa hoo o neng o ke ke wa ho dumela, leha o ne o ka ba wa ho bolellwa.’ ”


Haeba ke lwanne e mahlomafubedu mona Efese ka mabaka a botho feela, ke ruileng ka hoo? Haeba bafu ba sa tsohe, “a re jeng, re inwelleng, hobane hosasane re tla be re shwele.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ