Yaba Esau o re ho Jakobo: “Ako mphe ntho e kgubedu eno, ntho e kgubedu eno hle, ke je, hobane ke lapile haholo!” Ke ka baka leo a reilweng lebitso la Edomo.
Yaba Esau o re: “Na ha a ya bitswa Jakobo ka nepo? Hobane o nqhekanyeditse habedi. O ile a nka ditokelo tsa boholo ba ka, mme jwale bona, o nkile le mahlohonolo a ka!” A tswela pele, a re: “Na nna ha o a ntshiela lehlohonolo?”
Rubene ke yena letsibolo la Iseraele. Empa ka lebaka la ho silafatsa diphate tsa ntatae, tokelo tsa hae tsa boholo di ile tsa newa bara ba Josefa, mora wa Iseraele; ka hona ha a yo lenaneng, ho latela tswalo ya hae.
mohla monna eo a arolelang bara ba hae lefa la tseo a nang le tsona, a se ke a re mora wa matsibolo ke wa mosadi wa thatohatsi, empa mora wa mosadi ya hloilweng e le yena wa matsibolo.
O tla ananela mora wa matsibolo, wa mosadi ya hloilweng, a be a mo nee diabo tse pedi tsa dintho tsohle tseo a nang le tsona, hobane ke mora wa hae wa matswathaka, mme ditokelo tsa mora wa matsibolo ke tsa hae.”
Ho se be mang kapa mang eo e leng sehlola, kapa ya sa tshabeng Modimo jwaloka Esau, yena ya neng a fane ka ditokelo tsa boholo ba hae ba tswalo ho reka mothangwana wa sejo.