Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 25:27 - BIBELE

27 Ha bashanyana bana ba ntse ba hola, Esau ya eba setsomi, a phela hara naha; athe Jakobo e ne e le motho wa kgotso, wa sesalahae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Bashanyana ba hola. Esau ya eba setsomi se masene, motho wa dinaha; Jakobo yena ya eba motho ya se nang mokgwa, ya dulang ditenteng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 25:27
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahlong a Modimo e ne e le setsomi se matla, mme ke ka baka lena ho yeng ho thwe: “Jwaloka Nimerode, setsomi se matla mahlong a Modimo.”


Modimo a ba le moshanyana, mme a hola; a phela lehwatateng, ya eba setsebi sa ho fula ka seqha.


O tla phela ka sabole ya hao, mme o tla sebeletsa moena hao, empa ha nako ya ho itokolla e fihla, o tla monyola molala wa hao jokong ya hae.”


le tle le re: ‘Haesale bahlanka ba hao e le badisa, ho tloha botjheng ba bona, ho fihlela kajeno, rona le bo-ntata rona,’ e le hore le tle le jake seterekeng sa Goshene, hobane Baegepeta ba kgesa badisana bohle.”


Tsena ke ditaba tsa Nowe. Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya neng a hloka kodi hara ba mehla eo, mme metsamao ya hae ya kgahla Modimo.


Ho ne ho ena le monna e mong naheng ya Use, lebitso la hae e le Jobo. Monna eo o ne a lokile, a hloka kodi; a tshaba Modimo, a kgesa bobe.


Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe.”


Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe. Le hoja o ile wa nkgothaletsa hore ke mo senyetse ntle ho lebaka, o ntse a tshepahala haholo.”


Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo;


Le se ke la haha le matlo, kapa la jala peo, kapa la lema dirapa tsa morara, kapa la ba le e nngwe ya dintho tsena, empa ka matsatsi wohle a bophelo ba lona le iphelele ditenteng, hore le tle le phele halelele naheng eo le e jakileng.’


Ka tumelo ya eba mojaki naheng eo a e tshepisitsweng. A phela ditenteng le Isaka le Jakobo, bao e bileng majalefa a tshepiso e le nngwe hammoho le yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ