Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 25:26 - BIBELE

26 Kamora moo ha hlaha moena wa hae, mme letsoho la hae le ne le tshwere serethe sa Esau, yaba ba mo rea lebitso la Jakobo. Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng ha a ba tswala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Moenae a tswa kamora hae, letsoho la hae le tshwere serethe sa Esau; mme a rewa lebitso la Jakobo. Isaaka e ne e le motho ya dilemo tse mashome a tsheletseng, mohla ba tswalwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 25:26
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha mora wa hae Isaka a tswalwa, Aborahama o ne a ena le dilemo tse lekgolo.


Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Padane-Arame, kgaitsedi ya Labane wa Moarame.


Yaba Esau o re: “Na ha a ya bitswa Jakobo ka nepo? Hobane o nqhekanyeditse habedi. O ile a nka ditokelo tsa boholo ba ka, mme jwale bona, o nkile le mahlohonolo a ka!” A tswela pele, a re: “Na nna ha o a ntshiela lehlohonolo?”


Ditshiu tsa ho phela ha Isaka e bile dilemo tse lekgolo le mashome a robedi.


Aborahama a tswala Isaka. Bara ba Isaka ke Esau le Iseraele.


Ka popelong o ne a tshwere ngwanabo serethe, ha e se e le monna a kolokotjhana le Modimo.


A kolokotjhana le lengeloi, a le hlola, a ba a le kopa tlhohonolofatso, a le kopa yona ka dikeledi. A teana le Modimo a le Bethele, a bua le yena a le hona moo.


“Ke a le rata,” ho rialo Morena. “Empa lona le a mpotsa, le re: ‘O re bontshitse jwang hore o a re rata?’ “Na Esau e ne e se ngwanabo Jakobo?” ho rialo Morena. “Leha ho le jwalo ke ile ka rata Jakobo,


Moshe, a sa le Kadeshe, a romela maqosa ho kgosi ya Edomo, a re: “Ngwaneno, Iseraele, o re: ‘O tseba ditsietsi tsohle tse ileng tsa re hlahela.


Yaba Modimo o etsa selekane le yena, pontsho ya sona e le lebollo. Yare hoba Aborahama a tswale Isaka, a mmolotsa ka tsatsi la borobedi. Isaka a bolotsa Jakobo, mme Jakobo a bolotsa baholoholo ba leshome le metso e mmedi.


Bana ba moloko wa boraro, ba tswetsweng ke bona, ba ka amohelwa phuthehong ya Morena.”


Isaka ka mo nea Jakobo le Esau; Esau ka mo nea naha e maralla ya Seire hore e be ya hae. Jakobo yena, le bana ba hae, a theohela Egepeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ