Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 25:23 - BIBELE

23 mme Morena a re ho yena: “Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao, merabe e mmedi e tla arohana, merabe eo e tswe maleng a hao, morabe o mong o tla ba matla ho feta o mong, e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Jehova a re ho yena: Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao; mefuta e mmedi e tla ikarohanya e etswa maleng a hao, setjhaba se tla hlola setjhaba se seng, mme e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 25:23
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla mo hlohonolofatsa, ke be ke o fe mora ka yena. Ke tla mo hlohonolofatsa; e tla ba mma ditjhaba, mme dikgosi tsa ditjhaba di tla tswa ho yena.”


“Selekane sa rona le wena ke sena: o tla ba ntata letshwele la ditjhaba.


Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.”


Ha matsatsi a hae a ho beleha a se a phethahetse, bonang, mafahla a ne a le teng ka popelong ya hae.


Ha bashanyana bana ba ntse ba hola, Esau ya eba setsomi, a phela hara naha; athe Jakobo e ne e le motho wa kgotso, wa sesalahae.


Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”


Isaka a thothomela haholo, a re: “E ne e le mang he, ya ileng a ya tsoma phoofolo, mme a e tlisa ho nna, ka e ja yohle, o eso fihle, mme ka ba ka mo hlohonolofatsa? E, o tla hlohonolofala!”


Isaka a arabela Esau, a re: “Bona, ke mo entse morena wa hao, le bana babo bohle ke mo neile bona ho ba bahlanka ba hae, mme ka mmaballa ka koro le ka veine. Ebe jwale, ngwana ka, nka o etsetsa eng?”


O tla phela ka sabole ya hao, mme o tla sebeletsa moena hao, empa ha nako ya ho itokolla e fihla, o tla monyola molala wa hao jokong ya hae.”


Maqosa a kgutlela ho Jakobo, a re: “Re ile ra fihla ho moholwane wa hao Esau, mme le yena o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, a ena le banna ba makgolo a mane.”


Jakobo yena a fetela kapele ho bona, a itihela fatshe hasupa, ho fihlela a atamela ho ngwanabo.


Tsena ke dikgosi tse busitseng naheng ya Edomo, ho eso be le kgosi e busang Baiseraele.


Empa ntatae a hana, a re: “Ke a tseba, ngwana ka, ke a tseba; le yena e tla ba setjhaba, mme le yena o tla ba moholo. Leha ho le jwalo, moena hae o tla ba moholo ho mo feta, mme bana ba hae e tla ba ditjhabatjhaba.”


A hloma diahelo tsa mabotho naheng yohle ya Edomo, mme baahi bohle ba Edomo ya eba bahlanka ba hae. Morena a thusa Davida hohle moo a yang teng.


Ho ne ho se kgosi Edomo, ho busa motshwaredi.


Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.


Bapholosi ba bona ba tla nyoloha, ba nyolohele thabeng ya Sione, ba buse dithaba tsa Esau, mme mmuso e tla ba wa Morena.


Moshe, a sa le Kadeshe, a romela maqosa ho kgosi ya Edomo, a re: “Ngwaneno, Iseraele, o re: ‘O tseba ditsietsi tsohle tse ileng tsa re hlahela.


Laela setjhaba, o re: Le lekgatheng la ho feta meeding ya bana babo lona, bana ba Esau, ba ahileng Seire. Ba tla le tshoha; ka baka leo, itlhokomeleng.


“Jwale ra feta ho bana babo rona, bana ba Esau, ba neng ba ahile Seire, ra ya ka tsela e tsamayang phuleng, e tswang Elate le Esione-Gebere. Ra thinya, mme ra nka tsela ya lehwatata la Moabe.


Davida e ne e le yena wa ho fela. Baholwane ba hae ba bararo ba ne ba ile ntweng le Saule.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ