Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 24:60 - BIBELE

60 Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

60 Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: Oho, kgaitsedi ya rona, o be mma dikete tsa diketekete, mme ditloholo tsa hao di rue dikgoro tsa dira tsa tsona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 24:60
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”


“Ho hlohonolofatswe Aborame ke Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe.


Ke tla mo hlohonolofatsa, ke be ke o fe mora ka yena. Ke tla mo hlohonolofatsa; e tla ba mma ditjhaba, mme dikgosi tsa ditjhaba di tla tswa ho yena.”


ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.


Yaba Rebeka le makgabunyane a hae ba a ema, ba palama dikamele, ba tsamaya le monna eo. Mohlanka a nka Rebeka, a tsamaya.


Modimo ya matla wohle a ke a o hlohonolofatse, a o fe bana ba bangata, a be a o atise haholoholo, o tle o be raditjhabatjhaba.


Ha Jakobo a ntse a tswela pele leetong la hae, mangeloi a Modimo a kopana le yena,


Ka lona letsatsi leo a ba hlohonolofatsa, a re: “Baiseraele ba tla hlohonolofatsana, ba hlohonolofatsane ka lona, ba re: ‘Modimo a ke a ba atlehise, a ba atlehise jwaloka Efraime le Manase.’ ” Ka mokgwa o jwalo a eteletsa Efraime kapele ho Manase.


Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe.


Inyalleng basadi, le itswalle bara le baradi; nyadisang bara ba lona, le baradi ba lona ba inyallwe, ba tle ba itswalle bara le baradi, e le hore le anafale, palo ya lona e se ke ya fokotseha.


Mollo tswang ho yena o no phalla sa noka, ketekete tsa batho di mo sebeletsa, boiyane bo sa balweng bo eme kapele ho yena. Lekgotla la Moahlodi la bulwa, dibuka le tsona tsa phetlwa.


Le tla ba siela ditloholo tsa lona hore e be lefa la tsona, mme di ba etse makgoba a mehla yohle. Empa bana beno, ba Baiseraele, le se ke la ba sotla.


ntatae le mmae ba tla mo tshwara, ba mo tlise ho baholo ba motse, kgorong ya motse wa habo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ