Jwale ka inama, ka kgumamela Morena, mme ka boka Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya ileng a ntsamaisa ka tsela e nepahetseng, hore ke tlo nkela mora wa monga ka moradi wa moena wa hae.
Yaba Davida o re ho setjhaba sohle: “Rorisang Morena Modimo wa lona!” Setjhaba sohle sa rorisa Morena Modimo wa bo-ntata sona; sa inamisa dihlooho tsa sona, sa kgumamela Morena, sa isa hlompho ho kgosi.
Jwale Jehoshafate a obamela fatshe ka sefahleho. Baahi bohle ba naha ya Juda le baahi bohle ba Jerusalema, ba itihela fatshe kapele ho Morena, ba mo kgumamela.
Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.