Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 24:35 - BIBELE

35 Morena o hlohonolofaditse monga ka haholo, o mo entse hore e be morui. O mo file mehlape ya dinku le ya dikgomo, le silefera le kgauta, le bahlanka le makgabunyane, le dikamele le ditonki.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Jehova o hlohonolofaditse mong a ka haholo, ebile ke motho e moholo, mme o mo neile manku le makgomo, le silefera, le kgauta, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le dikamele le diesele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 24:35
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka la mosadi eo, Aborame a baballeha. A newa mehlape ya dinku le ya dikgomo, makgoba a banna le a basadi, ditonki tse tona le tse tshehadi, le dikamele.


“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang. Ka wena ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa.”


Aborame o ne a ruile mehlape e mengata, le silefera, le kgauta.


Aborahama o ne a se a tsofetse, a atetswe ke ditshiu, mme Morena o ne a mo hlohonolofaditse dinthong tsohle.


Kamora lefu la Aborahama, Modimo a hlohonolofatsa Isaka, mora wa hae. Isaka a aha Sedibeng sa Lakai-Roi.


Aborahama a nea Isaka tsohle tseo a nang le tsona.


Ka mokgwa o jwalo Jakobo a rua ka ho fetisisa, mme a ba le mehlape e mengata, le makgabunyane, le bahlanka, le dikamele, le ditonki.


Modimo wa ntatao a ke a o thuse, yena Ya Matla wohle a ke a o hlohonolofatse, ka mahlohonolo a tswang hodimo, lehodimong, ka mahlohonolo a tswang madibeng katlasa lefatshe, ka mahlohonolo a ho tswala le ho nyantsha.


O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.


A ba hlohonolofatsa, ba ngatafala haholo, a ba atisetsa leruo la diphoofolo.


Menono le maruo di ka tlung ya hae, ho loka ha hae ho hlola kamehla yohle.


yena ya nthutang ho lwana, yena ya nthutang ho hula seqha sa lethose.


Hlohonolo la Morena le entsha motho, ha ho maswabi ao le a tlisang.


Boikokobetso le ho tshaba Morena di tlisa leruo le tlotla le bophelo.


Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.


Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: ‘Monga ka o dieha ho fihla,’ ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa,


Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ