Genese 24:30 - BIBELE30 Ha Labane a bona lesale le dipetja tse matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwa mantswe a kgaitsedi ya hae, Rebeka, ha a re: “Monna eo o buile tjena le tjena ho nna,” a ya ho monna eo; a mo fumana a eme pela dikamele, sedibeng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)30 Yare hobane a bone lesale, le mefitshana matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwe le dipolelo tsa Rebeka, kgaitsedi ya hae, ha a re: Monna o buile le nna ka hore hoitseng; a ya ho monna eo, a mmona a sa ntse a dutse ho dikamele pela sediba. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
A re ho mmae: “Ha o ne o utsweditswe tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro o ne o nee ya utswitseng tjhelete eo thohako, moo ke ntseng ke utlwa. Bona he, silefera eo ke ena ho nna; ke nna ya neng a e nke.” Mmae a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka.”