Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 24:29 - BIBELE

29 Rebeka o ne a ena le kgaitsedi ya hae, e bitswang Labane; yaba Labane o mathela ho monna eo ya sedibeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Rebeka o ne a na le kgaitsedi, lebitso la hae e le Labane. Yaba Labane o a tswa, a mathela kantle ho monna sedibeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 24:29
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Labane a bona lesale le dipetja tse matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwa mantswe a kgaitsedi ya hae, Rebeka, ha a re: “Monna eo o buile tjena le tjena ho nna,” a ya ho monna eo; a mo fumana a eme pela dikamele, sedibeng.


Labane, kgaitsedi ya Rebeka, le mmae ba re: “Morwetsana ha a ke a dule le rona matsatsi a se makae, bonyane matsatsi a leshome; kamorao ho moo a ka tsamaya.”


Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.”


Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Padane-Arame, kgaitsedi ya Labane wa Moarame.


Ka baka leo, ngwana ka, mamela: tsamaya, o balehele ha malomao Labane, ya Harane.


Tsamaya, o ye Padane-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo ya tswalang mmao; o nyale mosadi teng ho baradi ba malomao Labane.


Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo motjhana hae, a matha ho ya mo kgahlanyetsa, a mo kopa molaleng, a mo aka, a mo isa ka tlung ya hae. Jakobo a bolella Labane tsena tsohle,


A re ho bona: “Na le tseba Labane, mora wa Nakore?” Badisana ba re: “Re a mo tseba.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ