Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 21:33 - BIBELE

33 Aborahama a lema sefate sa tamarisika moo Beeresheba, mme hona teng a rapela Morena, Modimo wa mehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Abrahama a hloma difate Beerseba, mme a rapela teng lebitso la Jehova, Modimo wa kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 21:33
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.


Ba etsa selekane Beeresheba jwalo. Yaba Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba a tsamaya, ba kgutlela naheng ya Bafilesita.


Yaba o haha aletare moo, mme a rapela Morena, a hloma tente ya hae moo. Hona moo bahlanka ba Isaka ba tjheka sediba.


Sediba seo a se bitsa Sheba; ka baka leo, motse oo o bitswa Beeresheba le kajeno.


Seta le yena a ba le mora, mme a mo rea lebitso la Enoshe. Jwale batho ba qala ho rapela Morena.


Dithaba di eso be teng, le lefatshe, le tsohletsohle di eso hlahe, haesale o le Modimo ya se nang bofelo.


Terone ya hao haesale e tiya ho tloha kgalekgale, haesale o le teng ho tloha mehleng ya kgalekgale.


Na ha le tsebe, kapa ha le eso utlwe? Morena ke Modimo wa kamehla yohle, ke yena Mmopi wa lefatshe lohle. A ke ke a kgathala kapa a tepella, mehopolo ya hae e ke ke be ya fihlelwa.


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


Ba hlapanyang ka medingwana ya Samaria, kapa ba reng: ‘Ka modimo wa hao, ya phelang, wena Dane,’ kapa ba reng: ‘Ka modimo ya phelang, modimo wa Beeresheba,’ ba tla wa, ba sa tlohlola ba tsoha.”


Oho, Morena, o bile teng pele le ho tlholeho! O Modimo wa ka, o Ya Halalelang wa ka! O Modimo wa ka, Modimo ya sa shweng. Oho, Morena, o ba kgethetse ho phetha kahlolo. Oho, Lefika la ka, o ba reretse ho re kgalema.


Ho tloha tlholehong ya lefatshe, tse sa bonweng tsa hae, ke ho re matla a hae a sa feleng le bomodimo ba hae, haesale di bonwa hantle, mme di utlwisiswa ka tse entsweng ke yena. Kahoo ba hloka boitatolo,


empa jwale se senotswe ka Mangolo a boporofeta ho ya ka taelo ya Modimo ya sa feleng, se tsebisitswe ditjhaba tsohle, hore di tle di be le mamelo e tswang tumelong.


“Le se ke la iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera pela aletare ya Morena Modimo wa lona.


Ke supa hodimo, ke a ikana, nna ya phelang kamehla ke a hlapanya:


Leaho la hao ke Modimo wa mehla yohle, matsoho a mehla yohle a o tshehetsa; a phaladisa sera kapele ho wena, a o laela hore o se timetse.


Ho Kgosi ya mehla yohle, ho Modimo ya sa shweng, ya sa bonweng, ya inotshi, e be hlompho le tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba lebala Morena Modimo wa bona, ba sebeletsa bo-Baale le ditshwantsho tsa Ashera.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ