Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 21:31 - BIBELE

31 Ka baka leo, sebaka seo sa bitswa Beeresheba, hobane ke moo bobedi ba bona ba ileng ba hlapanyetsana teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ka baka leo, nqalo eo e reilwe lebitso la Beerseba, kahobane ba hlapantse teng ba babedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 21:31
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.


Ba etsa selekane Beeresheba jwalo. Yaba Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba a tsamaya, ba kgutlela naheng ya Bafilesita.


Ba tsoha ka madungwadungwana, ba hlapanyetsana, mme Isaka a ba lokolla, ba tloha ho yena ka kgotso.


Sediba seo a se bitsa Sheba; ka baka leo, motse oo o bitswa Beeresheba le kajeno.


Yaba Iseraele o a falla, o nka tsohle tseo a nang le tsona, mme ha a fihla Beeresheba, a etsetsa Modimo wa ntatae Isaka mahlabelo.


“Nna ke o eletsa hore o kgobokanye Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, e be letshwele le lengata jwaloka lehlabathe lebopong la lewatle; ebe wena ka sebele sa hao o a futuha.


Ba fihla qhobosheaneng ya Tire, le metseng yohle ya Bahife le ya Bakanana. Ba fetela Beeresheba, naheng e ka borwa ya Juda.


Ha Elia a bona taba di le mosenekeng, a ema, a baleha hore a tle a pholohe, a ba a ya fihla Beeresheba e naheng ya Juda, mme a siya mohlanka wa hae hona moo.


Pusong yohle ya Solomone, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, ba morabe wa Juda le wa Iseraele ba ne ba phela ka kgotso, motho ka mong a dula tlasa sefate sa hae sa morara, kapa sa feiye.


le Hasara-Shuale, le Beeresheba le metsaneng ya yona,


Le se mpatle Bethele, le Gilegale le se kene, leha e le ho fetela Beeresheba, hoba Gilegale e tla fela e thoptjwe, Bethele yona e fetohe nanaola.”


le Hasere-Shuale, le Beeresheba, le Bisiotia,


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ