Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 20:17 - BIBELE

17 Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba Abrahama o rapela Modimo, mme Modimo wa fodisa Abimeleke, le mosadi wa hae, le makgabunyane a hae, mme ba nna ba tswala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 20:17
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Morena a otla Faro, le ba lelapa la hae, ka dikotlo tse kgolo, ka baka la Sarai, mosadi wa Aborame.


Jwale he, kgutlisa mosadi enwa wa motho, hobane monna wa hae ke moporofeta, o tla o rapella, mme o tla phela. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ruri o tla shwa, wena le bohle ba heno.”


Ha Morena a bona hore Lea ha a ratwe, a mo fa thari, empa Ragele ya eba nyopa.


e le hore ba tle ba etsetse Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate, mme ba tsebe ho rapella kgosi le bara ba yona.


Ka baka lena, nkang dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng, le ye ho Jobo, mohlanka wa ka, le iketsetse nyehelo ya setjheso. Jobo, mohlanka wa ka, o tla le rapella. Nna ke tla ananela thapelo ya hae, ke se ke ka le otla ho ya ka bothoto ba lona, hobane ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.”


Morena o emeletse thoko, thoko le ba kgopo, thapelo ya ba lokileng o e sekehela tsebe.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


“Morena, Ya Halalelang wa Iseraele, Mmopi wa hao o bua tjena: Na o ka mpotsa tse tla etsahala ho bana ba ka? Kapa wa ntaela mabapa le mosebetsi wa matsoho a ka?


Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Modimo, ke a o rapela! Ako mo fodise hle!”


Setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: “Re entse sebe, hobane re lwantshitse Morena, le wena re o lwantshitse. Ako rapele Morena hore a tlose dinoha tsena hara rona.” Moshe a rapella setjhaba.


mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.”


“Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa,


“Le baporofeta bohle, ho qala ka Samuele le ba mo hlahlamileng, bohle ba buileng, le bona ba boletse matsatsi ana.


Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.


Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ