Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 19:38 - BIBELE

38 E monyenyane le yena a tswala ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Bene-Ami. Ke yena ntata ba bitswang Baamone le kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 E monyenyane le yena a tswala mora, a mo rea lebitso la Ben-Ammi; ke yena ntata bana ba Ammone le kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 19:38
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho tloha moo Aborahama a fallela naheng e ka nqa borwa, a aha dipakeng tsa Kadeshe le Shure, a jaka Gerare.


le ba Asiria ba ikopantse le bona; ba thusana le bana ba Lota.


Ka bophirimela ba tla ubella Filesitiya, ba kopanele tjhaba tsa botjhabela ba di senyetse, ba hape Baedomo le Bamoabe, Baamone bona ba buswe ke bona.


“Mahlapa a Bamoabe ke a utlwile, nyefolo tsa Baamone le tsona ka di utlwa, ka utlwa ha ba hlapaola tjhaba sa ka, ba ithorisetsa ho kena meeding ya sona.


Ka baka leo, ke a hlapanya,” ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele. “Moabe e tla ba jwaloka Sodoma, Amone yona e be jwaloka Gomora, naha e tletseng bobatsi le matjheko a letswai, naha e fetohileng nanaola ya mehla yohle. Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela, ba phonyohileng ba tjhaba sa ka ba e hape.


Ha le fihla haufi le bana ba Amone, le se ke la ba futuhela, le se ke la ba qholotsa hore ba lwane. Nke ke ka le nea naha ya Baamone, hobane ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona.’ ”


“Yaba Morena o re ho nna: ‘Le se ke la futuhela Moabe, le se ke la mo qholotsa hore a lwane. Nke ke ka le nea naha ya hae, hore e be ya lona, hobane Are ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona.’ ”


“Moamone kapa Momoabe, kapa ditloholo tsa bona, ho ya fihla molokong wa leshome, ba se ke ba dumellwa ho kena ka phuthehong ya Morena kamehla yohle,


Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Ba sebeletsa bo-Baale, le bo-Asetarote, le medimo ya Arame, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Amone, le medimo ya Bafilesita; ba furalla Morena, ba se ke ba hlola ba mo sebeletsa.


Ka mokgwa ona Saule a nka puso ya Iseraele. A lwantsha dira tsa hae kahohle: A lwantsha Bamoabe, a lwantsha le Baamone, a lwantsha le Edomo, a lwantsha dikgosi tsa Soba, a lwantsha le Bafilesita. Hohle moo a futuhelang teng o ne a hlola.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ