Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Genese 18:32 - BIBELE

32 Yaba Aborahama o re: “Oho, Morena a se ke a mpa a halefa hle, ke mpe ke bue la ho qetela. Teng haeba ho ka fumanwa ba leshome?” Morena a araba, a re: “Ka baka la bao ba leshome nke ke ka o timetsa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 A re: Oho! Morenaka a se ke a halefa, mme ke tla boela ke bue hang feela: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba leshome feela. A re: Nke ke ka o senya ka baka la ba lokileng bao ba leshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Genese 18:32
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Aborahama o re: “Morena a se ke a mpa a halefa, ke tle ke tsebe ho bua. Mohlomong ho fumanwa ba mashome a mararo!” Morena a re: “Haeba nka fumana ba mashome a mararo teng, nke ke ka etsa jwalo.”


Aborahama a re: “Ako bone! Ke bile sebete ho bua le Morena. Ere mohlomong ho ka fumanwa ba mashome a mabedi teng?” Morena a araba, a re: “Ka baka la bao ba mashome a mabedi ha ke na ho o timetsa.”


Jwale Juda a atamela ho yena, a re: “Oho, morena ka, ako dumelle mohlanka wa hao hle, a bue lentswe le le leng feela ho morena ka, mme o se mo halefele, hobane o tshwana le Faro.


“Haeba lengeloi le leng la a sekete, le le hlakoreng la hae, e le mmoelanyi, le ruta motho seo e leng toka,


Wena Morena, o molemo, o a tshwarela; mohau wa hao o moholo ho bohle ba ipiletsang ho wena.


Yaba Morena o fetola morero wa hae wa ho timetsa setjhaba sa hae.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Morena o bua tjena: “Ha morara o lesihleng o sa na le lero, batho ba ye ba re: ‘Le se ke la o lahla, hobane o sa na le molemo.’ Ka baka la bahlanka ba ka le nna ke tla etsa jwalo, ha nka ke ka ba timetsa, ka ba timetsa bohlebohle.


“Nyolosang, le theose diterata, terata tsa Jerusalema; le qamake kahohle le hlokomele, le batlisise le mabaleng a motse; ha le ka fumana motho leha a le mong, motho ya etsang toka, ya batlang nnete, motse wa Jerusalema ke tla o tshwarela.


Ke Modimo ofe ya tshwanang le wena? Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo tsa masalla a setjhaba sa hae? Wena o Modimo ya sa halefeleng ruri, wena o Modimo ya thabelang ho hauhela.


“Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa,


Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang,


Yaba Gideone o re ho Modimo: “Kgalefo ya hao e se ke ya ntlokomela, mme ke tla bua hanngwe feela. Ako ntumelle ke leke hanngwe hape ka boya bona ba nku. Ho ke ho omelle boya ba nku feela, hohle fatshe phoka e lale.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ